Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 30:14 - BIBELE

14 Patarose ke tla e fetola e be nanaola, ke tjhese hlaha kahara motse wa Sowane, motse wa Tebese wona ke o otle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Ke tla etsa Pathrose lesupi, ke tjhese Tsowane; ke tla hlahisetsa No dikahlolo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 30:14
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Naheng ya Egepeta, thoteng tsa Sowane, a etsa dimakatso pontsheng, pontsheng ya bo-ntata bona.


ha a ne a etsa dipontsho tsa hae Egepeta, le dimakatso tsa hae naheng ya Sowane.


Tsatsing leo Morena o tla otlolla letsoho la hae kgetlo la bobedi, ho lopolla masalla a setjhaba sa hae a Asiria le a Egepeta, a Patarose le a Kushe, a Elame le a Shinare, a Hamate le a ahileng dihlekehlekeng.


Mahosana a Sowane ke dithoto, keletso tsa bahlalefi ba Faro ke tsa bothoto; ba ka rialo jwang ho Faro, ba re: “Re bara ba ba bohlale, tloholo tsa kgosi tsa boholoholo?”


Mahosana a Sowane a thotofetse, mahosana a Nofe a thetsehile, bao e leng tshiya tsa setjhaba ba kgelositse Egepeta.


Leha mahosana a bona a se a le Sowane, maqosa a bona a sa fihlile Hanese,


Lena ke lentswe le ileng la fihla ho Jeremia malebana le Bajuda bohle ba ahileng naheng ya Egepeta, e leng ba ahileng Migedole le Tahepanehese le Nofa, naheng ya Patarose, la re:


Jwale banna bohle ba neng ba tseba hore basadi ba bona ba ile ba tjhesetsa medimo esele mokubetso, le basadi bohle ba neng ba le moo, e le letshwelehadi, e leng batho bohle ba neng ba ahile Patarose, naheng ya Egepeta, ba re ho Jeremia:


Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o re: “Bonang, ke tla otla Amone, e leng modimo wa Tebese, le Faro, le Egepeta le medimo ya yona, le dikgosi tsa yona, le bohle ba tshepileng Faro.


Ke tla ba kgutlisa bothopuweng, ke ba busetse Patarose, naheng ya baholoholo ba bona, mme teng ba tla thea mmuso o fokolang.


Ka baka lena, Morena Modimo o bua tjena: Naha ya Egepeta ke tla e nea Nebukadenesare, kgosi ya Babilona. O tla hapa matlotlo a yona, a lobele dintho tsa yona, mme tsena e be moputso wa bahlabani ba hae.


Kgalefo ya ka ke tla e hlatsetsa hodima Sine, Sine eo e leng qhobosheane, qhobosheane ya Egepeta, mabotho a Tebese wona ke a ripitle.


Ke tla tjhesa hlaha kahara naha ya Egepeta, Sine e meneke ke ho utlwa bohloko; marako a Tebese wona a tla heletswa, ka matsatsi wohle Nofa e phele ka ditlokotsi.


Ha ke otla Egepeta ka wona mokgwa ona, Baegepeta ba tla tseba hore ke nna Morena.’ ”


Ha ke tjhesa hlaha naheng ya Egepeta, bohle ba thusanang le yona ke ba ripitla, ke hona ba tla tseba hore ke nna Morena.


Na o lokile ho feta Tebese, e neng e hahilwe bopong la Nile, e neng e potapotilwe ke metsi? Lewatle le ne le e haheleditse, metsi a lona a e etseditse lerako.


Ba nyolohela Negebe, ba ya fihla Heborone, moo Ahimane, le Sheshai, le Talamai, bana ba Anake, ba neng ba ahile teng. Heborone e ne e ile ya hahuwa dilemo tse supileng pele Sowane e Egepeta e hahuwa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ