Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 3:27 - BIBELE

27 Empa etlare ha ke bua le wena, ke rarolle leleme la hao, ebe o re ho bona: ‘Morena o bua tjena!’ Ya ratang ho mamela a ke a mamele, ya hanang ho mamela a ke a hane, hobane ke setjhaba sa bafetohedi.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Empa etlare ha ke bua le wena, ke tla ahlamisa molomo wa hao, mme o tla re ho bona: Morena Jehova o a bua! ... Ho mamele ya mamelang, ya hanang a hane, etswe e le ntlo ya bahanyetsi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 3:27
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

mme ka bolella bathopuwa tsohle tseo Morena a mpontshitseng tsona.


Setjhaba seo ke o romang ho sona se manganga, se pelo di thata. Ere ho sona: ‘Morena Modimo o bua tjena.’


Ebang se a o mamela kapa ha se o mamele, hobane ke setjhaba se mphetohetseng, feela se tla tseba hore moporofeta o bile teng hara sona.


leleme la hao le rarolohe, o tsebe ho bua le ya phonyohileng, o se hlole o eba semumu. O tla ba sesupo ho bona, mme ba tla tseba hore ke nna Morena.”


“Mohla tsatsi leo, ke tla matlafatsa setjhaba sa Iseraele, ke rarolle leleme la hao, o bue moo bohle ba ntseng ba utlwa, mme ba tla tseba hore ke nna Morena.”


Tsamaya, o ye setjhabeng sa heno se bothopuweng, o yo bua le sona, o re: ‘Morena Modimo o bua tjena,’ ebang se a o mamela kapa ha se o mamele.”


Ke tla etsa hore leleme la hao le kgomarele mahalapeng a hao, o be semumu, o sitwe ho ba kgalemela, hobane ke setjhaba sa bafetohedi.


Ke tla thatafatsa pelo ya hao sa lejwe la moremaphofu, o be thata ho feta tshepe. O se ke wa ba tshaba, leha e le ho ba tshoha, le hoja e le setjhaba sa bafetohedi.”


Ka la maobane, mantsiboya, motho eo a eso ka a fihla ho nna, matla a tswang ho Morena a ne a ile a ntsukutla. Hoseng, motho eo a eso ka a fihla ho nna, Morena a rarolla leleme la ka, ka tseba ho bua.


Ho batho bao wena o sebini feela se binang ka lentswe le monate, se tsebang ho letsa seletsa. Dipolelo tsa hao tsona ba a di utlwa, empa ha ba di phethe.


hobane ke tla le nea mantswe le bohlale boo bahanyetsi bohle ba lona ba tla sitwa ho bo hanyetsa le ho bo lwantsha.


Le nna le nthapelle hore ke newe ho bolela molaetsa o molemo, ke phatlalatse sephiri sa wona ka sebete.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ