Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 28:4 - BIBELE

4 Ka bohlale ba hao le ka kutlwisiso ya hao, o ile wa ipokellela matlotlo, wa bokella kgauta le silefera, wa di bokella matloleng a hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 ka bohlale ba hao le ka kelello ya hao, o ithuetse matlotlo, o bokeletse kgauta le silefera dipolokelong tsa hao;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 28:4
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Matlotlo a barui ke qhobosheane ya bona, ba hloma e ka ke marako a phahameng, a ba sireletsang.


Ke bone ho hong hape mona lefatsheng: Ba lebelo hase bona ba siyang kamehla, dinatla hase tsona tse hlolang kamehla, ba bohlale hase bona ba tjhayang kamehla, ba masene hase bona ba ruang kamehla, bahlalefi ha ba dule tulo tse phahameng kamehla; menyetla e tlela bohle ka dinako tsa yona.


hobane kgosi eo e re: “Hona ke ho entse ka matla a matsoho a ka, le ka bohlale ba ka, hobane ke na le kutlwisiso; ke ile ka suthisa meedi ya ditjhaba, ka hapa le matlotlo a tsona; jwaloka ya matla ka kokobetsa baahi ba tsona.


Ho ya kang le ithorisang ka kgohlo tsa lona, le ithorisang ka kgohlo tsa lona tse manoni? Wena moradi ya hlokang botshepehi, wena ya tshepileng maruo a hae, ya reng: ‘Ke mang ya tla mphutuhela?’


Ha thepa ya hao e ne e tshela mawatle, o no fepa matjhabatjhaba, o a kgorisa; ka bongatangata ba matlotlo a hao, ka bongatangata ba thepa ya hao ya kgwebo, kgosi tsa lefatshe o ila di ruisa.


O mmolelle, o re: ‘Morena Modimo o bua tjena: “ ‘Wena Faro, kgosi ya Egepeta, moraparapa wa kganyapa o phelang dinokeng, o ithorisang ka ho re: “Noka ena ke ya ka, ke nna ka seqo ya iketseditseng yona,” tseba, wena Faro, hore ke a o lwantsha!


Mmusong ona wa hao, monna o teng ya nang le moya wa medimo e halalelang ka ho yena. Mehleng ya ntatao, monna enwa o ile a ipaka hore o na le kelello e tjhatsi, le kutlwisiso, le bohlale bo kang ba medimo. Kgosi Nebukadenesare, ntatao, o ile a mo etsa mookamedi wa dinohe le balepi ba dinaledi, le Bakalatiya, le badupi.


Kahoo se etsetsa letlowa la sona mahlabelo, diketswana le tsona di tjhesetswe mokubetso, hoba ke ka tsena se phelang ka boiketlo, le dijo tsa sona ke dimenyemenye.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ