Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 28:18 - BIBELE

18 O silafaditse dihalalelo tsa hao, wa di silafatsa ka bongata ba makgopo a hao, wa di silafatsa ka ho hweba ka bolotsana; kahoo ke tla hotetsa mollo kahare ho wena, wona o o tjhese, o be o o timetse, ke o fetole molora hodima lefatshe, moo batho bohle ba ntseng ba o bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Ka bongata ba melato ya hao le ka bokgopo ba kgwebo ya hao o silafaditse dihalalelo tsa hao. Ke hona ke ntshitseng ho wena mollo o tla o tjhesa, mme ke tla o etsa thotobolo ya molora lefatsheng pela bohle ba o bonang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 28:18
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena o tla ahlola bohle ka mollo le ka sabole, bao a tla ba bolaya e tla ba boiyane.


Ho tloha mohla letsatsi, tsatsi la tlholeho ya hao, ho fihlela bokgopo bo fumanwa ho wena, tsela tsa hao di ne di se na kodi.


Ka baka la ho nama ha kgwebo ya hao, pelo ya hao e ila tlala sehloho, yaba jwale wena o etsa sebe. Kahoo ka o leleka thabeng ya Modimo, ka o leleka ke ho silafala ha hao, ka o timetsa, wena kerubime e sireletsang, ka o tlosa hara majwe a phatsimang sa malakabe.


“Wena ngwana motho, bolella kgosana ya Tire, o re: ‘Morena Modimo o re: “ ‘Pelo ya hao e a ikgohomosa, o bile o re: Nna ke modimo, ke dutse teroneng ya Modimo, e potapotilweng ke mawatle. Empa o motho, ha o modimo, le hoja o re o bohlale sa Modimo.


Ebe jwale o nka diqoba tse ding hape, o di akgela mollong, wa di tjhesa. Mollo o tla qhoma o etswa ho tsona, ebe o tjhesa bohle ba ntlo ya Iseraele.”


Marako a Raba ke tla a tjhesa, matlo a dikwele tsa yona ke a timetse, hara mokorotlo, mohla tsatsi la ntwa, hara lehoduotswana, mohla tsatsi la sefefo.


Naha ya Moabe ke tla e tjhesa, matlo a dikwele tsa Keriote ke a timetse. Moabe e tla timela ho le morusu, ho le mokorotlo, ho lla lenaka.


Naha ya Juda ke tla e tjhesa, matlo a dikwele tsa Jerusalema ke a timetse.”


Empa Morena o tla hapa maruo a yona, dikepe tsa yona a di pshatlele lewatleng, ebe motse wona o o tjhesa ka mollo.


Mohla tsatsi leo ke etsang tsena ka lona, le tla hatakela ba kgopo, mme ba tla ba jwaloka molora katlasa maoto a lona,” ho rialo Morena wa mabotho.


Ebe motho a ka boellwa ke eng, haeba a ka rua lefatshe lohle, empa a senyehelwa ke bophelo ba hae?


Hapehape Modimo o ile a ahlola metse ya Sodoma le Gomora ka ho e tjhesa lore! Hona ya eba mohlala wa se tla hlahela ba kgopo.


Ka baka leo, dikotlo tsa yona di tla e tlela, di e tlele ka tsatsi le leng, lefu, mahlomola, le tlala, mme e tla tjheswa lore! Hobane Morena Modimo ya e ahlolang o matla.”


“Empa leoka la re ho difate: ‘Haeba le fela le ntlotsa hore ke be kgosi ya lona, tloong, le tshabele moriting wa ka, empa haeba le sa etse jwalo eka mollo o ka tswa meutlweng ya ka, wa tjhesa difate tsa dikedare tsa Lebanone.’


Empa haeba ho se jwalo, eka mollo o ka tswa ho Abimeleke, wa tjhesa banna ba Shekeme le ba Bethemilo, mme eka mollo o ka tswa ho banna ba Shekeme le ho ba Bethemilo, wa tjhesa Abimeleke.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ