Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 27:8 - BIBELE

8 Basoki ba hao ba tswa Sidone le Arefade, basesisi ba hao ba bohlale ke ba Tire.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ba ahileng Sidone le Arfade e ne e le bona basoki ba hao; ha eno, Tire, ho ne ho ena le ba bohlale ba hao; e ne e le bona batsamaisi ba hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 27:8
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kanana a itsibola ka Sidone, ya tla ba Hete,


le Baarefade, le Basemare, le Bahamate. Kamora mona malapa a Bakanana a namela hohle.


“Sebulone o tla aha lebopong la lewatle, e tla ba yena kou ya dikepe, meedi ya hae e tla fella Sidone.


“Ka hona ako laele hore ke romelwe difate tsa dikedare tsa Lebanone. Bahlanka ba ka ba tla sebetsa le ba hao. Ke tla lefa bahlanka ba hao kamoo wena o tla bolela kateng. O a tseba hore hara batho ba ka ha ho le ya mong ya ka remang difate hantle jwaloka batho ba Sidone.”


Hirame a romela bahlanka ba hae ba tsebang ho sesisa dikepe ho ya sebetsa le bahlanka ba Solomone.


Na Kalene ha e tshwane le Karakemishe? Na Hamate ha e tshwane le Arepade? Na Samaria ha e tshwane le Damaseka?


Malebana le Damaseka Morena o re: “Baahi ba Hamate le ba Arepade ba tsielehile, hobane ba utlwile taba tse bohloko. Pelo tsa bona di nyahame haholo, di tshwenyehile sa lewatle le tsudubutlana.


Banna ba Arefade le banna ba Heleke ba sireletsa marako a hao kahohle; banna ba Gamade ba lebela ditora tsa hao, ba fanyeha dithebe tsa bona ho pota mabota, botle ba hao bo phethahatswa ke bona.


Naha tse bopong la lewatle di tla reketla, di reketle ha basesisi ba hao ba howa!


“Wena ngwana motho, tadima Sidone, o e porofetele.


Morena a neelana ka bona matsohong a Baiseraele, ba ba bolaya, ba ba phaladisa ho ya fihla Sidone e Kgolo, le ho ya fihla Miserefote-Maime, le ho ya fihla kgohlong ya Misepa, ka botjhabela. Ba ba bolaya, ba se ke ba siya le ya mong.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ