Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 27:5 - BIBELE

5 Kgopo tsa hao ba di haha sa sekepe se setle, ba di haha ka phaena e tswang Senire; ba nka dikedare tse tswang Lebanone, ba o etsetsa thupa tsa ho thakgolla diseile.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Di hahile mahlakore a hao ka dikiprese tsa Senire, di nkile dikedare tsa Lebanone ho etsa sefate sa hao sa dikepe;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 27:5
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hoba Hirame, kgosi ya Tire, a utlwe hore Solomone o tlotseditswe ho ba kgosi sebakeng sa ntatae, a roma bahlanka ba hae ho Solomone, hobane yena le Davida e ne e le metswalle ka nako yohle ya ho phela ha Davida.


“Ka hona ako laele hore ke romelwe difate tsa dikedare tsa Lebanone. Bahlanka ba ka ba tla sebetsa le ba hao. Ke tla lefa bahlanka ba hao kamoo wena o tla bolela kateng. O a tseba hore hara batho ba ka ha ho le ya mong ya ka remang difate hantle jwaloka batho ba Sidone.”


Halofo ya setjhaba sa ba morabe wa Manase e ne e atile haholo, kahoo ya aha naheng eo, ho tloha Bashane ho ya fihla Baale-Heremone, le Senire, le thabeng ya Heremone.


“Ka lebaka lena, ako nthomelle monna wa setsebi, ya tsebang ho etsa dintho tsa kgauta, le tsa silefera, le tsa lethose, le tsa tshepe; ya tsebang le ho etsa masela a perese, le a mafubedu, le a maputswa; ya tla tseba ho rala ditshwantsho, a sebetse le banna ba ditsebi, bao ke nang le bona mona naheng ya Juda le Jerusalema, bao Davida, ntate, a seng a ba hlophile.


Difate tsa Morena di nwesetswa ke pula, dikedare tsa Lebanone tse lemilweng ke yena.


Lentswe la Morena le roba difate tsa dikedare, Morena o roba dikedare, kedare tsa Lebanone.


Ba ntaletseng ke ba tadima ka tello, ke utlwa diboko tsa ba kgopo ba ntsohelang matla.


Tloha le nna Lebanone, monyaduwa wa ka, tloha le nna Lebanone! Theoha tlhorong ya Amana, o theohe tlhorong ya Senire le ya Heremone, o tlohe dilaong tsa ditau, thabeng tseo mangau a phelang ho tsona.


fate tsa modutu le kedare tsa Lebanone, di thabetse ho wa ha hao, di re: ‘Ha e le mona o se o kokobeditswe, ha ho ya sa tla nyoloha, a nyolohele thabeng ho re rema.’


Meedi ya hao e hara mawatle, bahahi ba hao ba ritile botle ba hao.


Basidone ba reile Heremone lebitso la Sireone, athe Baamore bona ba e reile lebitso la Senire.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ