Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 27:32 - BIBELE

32 Dillong tseo tsa bona tsa bofifi, ba tla o binela kodi-ya-malla, ba re: “Ke motse ofe o kila timetswa sa Tire, wa timeletswa bodibeng ba lewatle?”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

32 dillong tsa bona, ba tla o binela kodiyamalla, ba tla bina kodiyamalla, ba re: Ke ofe motse o neng o le jwaloka Tire, jwaloka motse wona o seng o timetse hara lewatle?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 27:32
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Lona bohle, bo-mofeta-ka-tsela, na hoo ha ho re letho ho lona? Qamakang kahohle le ke le bone: Na matshwenyeho a tshwanang le a ka a teng, matshwenyeho ao ke otlilweng ka wona, ao Morena a a theoletseng hodima ka, mohla tsatsi la kgalefo e tlokomang ya hae?


Ke ntho efe eo nka o pakelang ka yona? Ke ntho efe eo nka o tshwantshang le yona? Ka o tshwantsha le yona, wena Jerusalema? Nka o lekanya le eng, ke tle ke o tshedise? Ke tshedise wena, Moradi wa Sione, Moradi wa Sione wa morwetsana? Botebo ba leqeba la hao bo ka ba lewatle! Ke mang ya ka tsebang ho o phekola?


Dira tsa hao di tla hapa maruo a hao, di lobele thepa ya hao. Di tla heletsa marako a hao, di dihe matlo a hao a majabajaba. Di tla lahlela majwe a hao lewatleng, di lahlele le maballo a hao, le koqokoqo ya matlo a hao a heleditsweng.


A tla o binela kodi-ya-malla, a re: “ ‘O ripitlilwe jwang wena motse o tummeng, oo baahi ba wona e leng banna ba lewatle, wena o neng o le sehanyata, sehanyata lewatleng, o le sehanyata mmoho le baahi ba hao? Bohle ba phelang lewatleng ba a o tshaba!


“Wena ngwana motho, binela Tire kodi-ya-malla.


Basoki ba hao ba o isa mawatleng, ba o isa mawatleng a sabaletseng: Empa moya wa botjhabela o tla o thua, o o etse ditsekana hara bodiba!


“Wena ngwana motho, binela kgosi ya Tire kodi-ya-malla, o re ho yona: ‘Morena Modimo o bua tjena: “ ‘Botho ba hao bo ne bo phethehile, bohlale ba hao bo se na tekanyo, botle ba hao le bona bo ritelehile.


Yare ha ba bona mosi wa ho tjheswa ha yona, ba howa, ba re: ‘Na ho kile ha eba le motse o kang motse o moholo oo?’


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ