Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 27:3 - BIBELE

3 Bolella Tire, o re: ‘Wena ya dutseng dikoung tsa lewatle, ya hwebang le ditjhaba tse ahileng mabopong a lewatle, Morena Modimo o bua tjena: “ ‘O ile wa ikalatisa, wa re: “Botle ba ka bo hloka sekodi!”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Wena ya dutseng dikgorong tsa lewatle, ya hwebang le ditjhaba tsa dihlekehleke tse ngata, Morena Jehova o re: Oho Tire, o ne o re: Ke phethehile botleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 27:3
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Modimo o kganya a le Sione, motseng o motlemotle.


Baahi ba Edomo le Baishemaele, Bamoabe le Bahagare,


O tshwana le dikepe tsa bo-rakgwebo, dijo tsa hae o di tlisa di etswa hole.


Morena o otlolotse tsoho la hae, a le otlolla hodima lewatle, a etsa hore mebuso e thothomele. Malebana le Kanana Morena o entse taelo, hore qhobosheane tsa yona di ripitlwe.


“ ‘Empa o ile wa tshepa botle ba hao, botumo ba hao ba o fetola seotswa, wa etsa bohlola le bohle ba fetang ka tsela, wa ba wa bona.


Dira tsa hao di tla hapa maruo a hao, di lobele thepa ya hao. Di tla heletsa marako a hao, di dihe matlo a hao a majabajaba. Di tla lahlela majwe a hao lewatleng, di lahlele le maballo a hao, le koqokoqo ya matlo a hao a heleditsweng.


A tla o binela kodi-ya-malla, a re: “ ‘O ripitlilwe jwang wena motse o tummeng, oo baahi ba wona e leng banna ba lewatle, wena o neng o le sehanyata, sehanyata lewatleng, o le sehanyata mmoho le baahi ba hao? Bohle ba phelang lewatleng ba a o tshaba!


Meedi ya hao e hara mawatle, bahahi ba hao ba ritile botle ba hao.


Ke hobane e nwesitse ditjhaba tsohle jwala ba bohale ba bohlola ba yona. Dikgosi tsa lefatshe di entse bohlola le yona, mme bahwebi ba lefatshe ba ruisitswe ke boholo ba mouno wa yona.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ