Dipere tsa hae di tla ba ngata hoo di tla o kwahela ka lerole. Lekitikiti la dipere, le la makoloi le la dikariki tsa ntwa le tla sisinya mabota a hao, ha a kena dikgorong tsa hao jwaloka banna ba kenang motseng oo marako a wona a heleditsweng.
Matlotlo a hao le thepa ya kgwebo, bo-radikepe le basesisi ba hao, malala a hao a thibang dikepe matlere, bahwebi ba hao bohle le bahlabani, le batho bohle ba kahare ho wena, ba tla teba bodibeng ba lewatle, mohla koduwa ya ho thueha ha hao.
Batho bohle ba ahileng mabopong a lewatle, pheletso ena ya hao e ba tshositse; dikgosi tsa bona di tetemisa dirope, fahleho tsa tsona di tsunkantswe ke letswalo.
Ka etsa hore ditjhaba di thothomele ha di utlwa modumo wa ho wa ha kedare eo, ha ke e lahlela ka lebitleng mmoho le ba theohelang mohohlong. Jwale difate tshole tsa Edene, le tse ntlentle, tse kgahlehang tsa Lebanone, tsohle tse nwesetswang, tse ka mohohlong, di tla thabela ho wa ha kedare eo.
Mahlakore a setsha sa Sehalalelo a tla lekana, lehlakore ka leng e be dimethara tse makgolo a mabedi le mashome a mahlano; bophara ba sebaka se potapotileng setsha sena e be dimethara tse mashome a mabedi a metso e mehlano.
Thebe tsa bahlabani ba hae ke tse kgubedu, aparo tsa bona le tsona ke tse kgubedu. Kariki tsa bona tsa ntwa di a tsekema, thekong ya ntwa di tsekema malakabe; ka marumo bahlabani ba a hlakisa.
Empa leruo le lekaalo le fedisitswe, la fediswa ka nako ya hora feela!’ “Batsamaisi bohle ba dikepe, le bohle ba nkang maeto ka dikepe, le basesisi ba tsona, le bohle ba phelang ka ho sebetsa lewatleng, ba ne ba eme hole.