Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 27:26 - BIBELE

26 Basoki ba hao ba o isa mawatleng, ba o isa mawatleng a sabaletseng: Empa moya wa botjhabela o tla o thua, o o etse ditsekana hara bodiba!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Empa basoki ba hao ba o isitse metsing a maholo; moya wa botjhabela o o robile hara bodiba ba mawatle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 27:26
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Tsa tshwarwa ke thothomelo, ya di tshwara hona moo, le bohloko bo kang ba pelehi;


jwalokaha moya wa botjhabela o pshatlakanya dikepe, kepe tsa Tarashishe.


Bokollang lona dikepe tsa Tarashishe, hoba qhobosheane ya lona e ripitlilwe.


Thapo tsa sekepe sa hao di hlephile, ha di sa tiisa thupa e tshwereng diseile, diseile di se di sitwa ho thathalla. Kgapo e ngata e tla arolelanwa, esita le dihlotsa di tla fumana seabo.


Mohla tsatsi la ho timetswa ha tjhaba sena, ke tla se furalla, se bone sekotlo feela, ke se hasanye kapele ho dira tsa sona, jwaloka moya o pukang o etswa botjhabela.”


Morena Modimo o bua tjena: “Etlare ha ke o etsa nanaola jwaloka motse o hlokang baahi, ke o tebisa lewatleng, metsi a o kwahela,


Matlotlo a hao le thepa ya kgwebo, bo-radikepe le basesisi ba hao, malala a hao a thibang dikepe matlere, bahwebi ba hao bohle le bahlabani, le batho bohle ba kahare ho wena, ba tla teba bodibeng ba lewatle, mohla koduwa ya ho thueha ha hao.


Jwale o thuehetse hara mawatle, wa teba hara bodiba ba metsi; thepa yohle ya hao ya kgwebo, le bohle ba neng ba le ho wena, tsena tsohle di tebile mmoho le wena.


Ba tla o dihela ka mohohlong, o shwe lefu le sehloho haholo, lefu la ba shwelang bodibeng, bodibeng ba lewatle.


Empa kamora nakwana e se kae, ha theoha moya wa sefefo o matla, o tswang leboya-botjhabela.


Yare ha ba fihla hlwahleweng e mateanong a maqhubu, ba lelemisetsa sekepe ho yona. Sefuba sa sona sa kgitla lehlabatheng, sa qawa, empa setono sona sa qala ho pshatlwa ke sefutho sa maqhubu.


Lengeloi la nto re ho nna: “Lewatle leo o le bonang, moo seotswa se ahileng teng, ke ditjhaba, le matshwele, le merabe, le ba dipuopuo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ