Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 27:23 - BIBELE

23 “ ‘Ba tswang Harane le Kane le Edene, le bahwebi ba Sheba le ba Ashure le ba Kilemade, ba ne ba hweba le wena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Karane, le Kanne le Edene, le bahwebi ba Sheba, le Baassiria, le Bakilmade, ba ne ba hweba le wena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 27:23
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Puso ya hae e qalehile Babele, le Ereke, le Akade, le Kalene, naheng ya Shinare.


Bara ba Sema ke Elame, le Asure, e Arepakeshade, le Lode, le Arame.


Aborame a tsamaya jwalokaha Morena a mmoleletse, mme Lota a ya le yena. Ha Aborame a falla Harane, o ne a ena le dilemo tse mashome a supileng a metso e mehlano.


Yaba Modimo o lema serapa, Edene, ka nqa botjhabela, mme ho sona a bea motho eo a mmopileng.


Jokoshane a tswala Sheba le Dedane. Ditloholo tsa Dedane e ne e le Baasure, le Baletushe, le Baleumime.


Bosiung bona boo Jakobo a tsoha, a nka basadi ba hae ba babedi le makgabunyane a hae a mabedi, le bara ba hae ba leshome le motso o mong, a tshela ledibohong la Jaboko.


Na medimo ya ditjhaba tseo bo-ntataomoholo ba di timeditseng e ile ya di pholosa, e leng medimo ya Gosane, le Harane, le Resefe, le medimo ya setjhaba sa Edene, se neng se le Telasara?


Ke ha Basheba ba di wela hodimo, ba di hapa, ba bolaya bahlanka bohle ba hao ka sabole. Ke nna feela ya phonyohileng ho tla o tsebisa.”


Bagebale le Baamone le Baamaleke, Bafilesita le baahi ba Tire,


Na Kalene ha e tshwane le Karakemishe? Na Hamate ha e tshwane le Arepade? Na Samaria ha e tshwane le Damaseka?


Na medimo ya ditjhaba tseo bo-ntataomoholo ba di timeditseng e ile ya di pholosa, e leng medimo ya Gosane, le Harane, le Resefe, le medimo ya setjhaba sa Edene, se neng se le Telasara?


Mohlang oo Morena o tla letsa molodi o bitsang dintsintsi tse tswang hole, melatswaneng ya Egepeta, le dinotshi tse tswang naheng ya Asiria.


Mohla tsatsi leo, Morena o tla beola ka lehare le adimilweng kamose wane ho Noka, e leng kgosi ya Asiria. O tla beola dihlooho tsa lona, le mohwete o meomong ya lona, a le beole le ditedu.


Batho bana ke bona ba neng ba hweba le wena ka dintho tse ntlentle: ka masela a maputswa le a homilweng, le ka diaparo tse ntle, tse mebalabala, tse nang le difoofo.


“Asiria e teng le mabotho wohle a yona, e teetswe hare ke mabitla a bahlabani bohle ba yona, ba bolailweng ka sabole.


Sheba le Dedane le bahwedi ba Tarashishe le bahale bohle ba yona, ba tla re ho wena: “Na o tlile ho re lobela? Na o phuthile mabotho a hao ho tla ikgapela silefera le kgauta, le diphoofolo le thepa, le ho inkela kgapo e ngata?” ’


Ke tla roba mekwallo ya kgoro tsa Damaseka, ke timetse ba ahileng ka Kgohlong ya Afene, le ya tshwereng lere la puso, puso ya Bete-Edene baahi ba Arame ba thopelwe Kire,” ho rialo Morena.


Eyang motseng wa Kalene le yo bona; le tlohe moo, le fetele Hamate e kgolo, le nto theohela motseng wa Bafilesita wa Gate! Na mebuso eo le e feta ka letho? Na naha ya yona e kgolo ho feta ya lona?


leha ho le jwalo, lona Bakene, le tla timetswa, Asure e tla le hapa, le be bathopuwa.”


“Jwale a tloha naheng ya Bakalatiya a tla aha Kgarane. Hoba ntatae a shwe, Modimo a mo fallisetsa naheng ena eo le ahileng ho yona kajeno.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ