Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 27:22 - BIBELE

22 “ ‘Bahwebi ba Sheba le ba Rama ba ne ba hweba le wena, mme thepa ya hao ba e ananya ka dinoko tse monko o monate, le ka majwe a bohlokwa, le ka kgauta.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Bahwebi ba Sheba le ba Raema le bona ba ne ba hweba le wena, ba ananya tsa hao ka dinoko tse kgethehileng, le mahakwe a mefutafuta, le kgauta.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 27:22
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bana ke bara ba Kushe: Seba, le Hafila, le Sabeta, le Rama, le Sabeteka, mme bara ba Rama ke Sheba le Dedane.


Jwale ntata bona Iseraele a re ho bona: “Ha ho tlameha ho ba jwalo, etsang tjena: Nkang ditholwana tse kgahlehang tsa naha ena, le di tshele ka mekotleng ya lona, le di ise ho monna eo e le mpho: e be ditlolo, mahe a dinotshi, boroku, mmira, le ditholwana tsa sefate sa hoki, le tsa sefate sa mofuta wa perekisi.


Bana ke bara ba Kushe: Seba, le Hafila, le Sabeta, le Rama, le Sabeteka. Bara ba Rama ke Sheba le Dedane.


Dikgosi tsa Tarashishe le tsa dihlekehleke di ke di mo nyehelle, dikgosi tsa Sheba le tsa Seba di mo tlisetse dithelo.


A ke a phele! A newe kgauta ya Sheba, a nne a rapellwe ho sa kgaotswe, a nne a bokwe ka matsatsi wohle.


“Boiyane ba dikamele bo tla putukana ho wena, mekoloko ya dikamele e tswang Midiane le Efa; Basheba bohle ba tla tlisa kgauta le mokubetso, ba bine thoko tsa Morena, ba mo tumise.


“Lerata la letshwele le iketlileng le ne le hlabile hodimo, ho latilwe le matahwa a tswang lehwatateng, ho tla kopana le banna ba motse. Ba fihla ba rwesa mosadi le ngwanabo dipetja matsohong le meqhaka e metle dihloohong.


O no phela Edene, rapeng sa Modimo, mekgabo ya hao e le mahakwe a bohlokwa: dirubi, didaemane le ditopase; berile, kareneleane, le jasepere; safire, emeraleda le karanete. Mekgabiso ya hae e ne e le ya kgauta, tsena tsohle o no di etsetswe, wa di etsetswa mohla tlholeho ya hao.


Sheba le Dedane le bahwedi ba Tarashishe le bahale bohle ba yona, ba tla re ho wena: “Na o tlile ho re lobela? Na o phuthile mabotho a hao ho tla ikgapela silefera le kgauta, le diphoofolo le thepa, le ho inkela kgapo e ngata?” ’


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ