Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 27:21 - BIBELE

21 “ ‘Maarabia le mahosana a Kedare a ne a hweba le wena, a o rekisetsa dikonyana le dipheleu le dipodi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Baarabia, le marena wohle a Kedare le bona ba ne ba le matleng a hao ho hweba le wena, ba rekisa ka dikonyana, le dipheleu, le diphooko.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 27:21
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ana ke mabitso a bara ba Ishemaele ka ho hlahlamana ha tswalo ya bona: Nebajote, letsibolo la Ishemaele, le Kedare, le Adabeele, le Mibesame


ntle ho eo a neng a e fumana ka lekgetho le lefiswang bahwebi, le ka dithelo tse neng di etswa ho dikgosi tsa Arabia, le babusi ba ditereke tsa Iseraele.


Lena ke leloko la Ishemaele: Nebajota, letsibolo la Ishemaele, le Kedare, le Adabeele, le Mibesame,


Ba bang ba Bafilesita ba tlisetsa Jehoshafate dimpho, ba mo thella ka silefera. Maarabia a mo thella ka mehlape ya dipheleu tse dikete tse supileng le makgolo a supileng, le diphooko tse dikete tse supileng le makgolo a supileng.


Ho madimabe nna ka ho jaka Mesheke, ka ho aha hara ditente tsa Kedare.


o tla apara tsa boya ba dikonyana, ka dipotsanyane o reke masimo.


Leha ke le motshwana, nna ke botlenyana, lona baradi ba Jerusalema; ke motshwana sa tente tsa Kedare, ke ka masira a tente ya Solomone.


Bona ke boporofeta malebana le Arabia: Lona mekoloko ya batsamai, batsamai ba Badedane, robaletsang matswatlareng a Arabia.


Morena o buile tjena ho nna: “Etlare ho eso fete selemo, ho ya kamoo mohlanka a balang dilemo kateng, botlotlehi ba Kedare bo be bo fedile.


Lehwatata le metse ya lona le ke le howe, metsana ya Bakedare e nyakalle. Baahi ba Sela ba bine ka thabo, ba howe ba le ditlhorong tsa dithaba.


Mehlape yohle ya Kedare e tla phuthwa, e tliswe ho wena, dipheleu tsa Nabajota di tla o sebeletsa, di etswe nyehelo e amohelehang aletareng ya ka, ebe Tempele ya ka ke e tlotlisa haholo.


Eyang hlekehlekeng tsa Kitime le ke le bone, le romele maqosa Kedare, le hlahlobe hantle, le bone na ho tjena ho kile ha eba teng.


le dikgosi tsohle tsa Arabia, le dikgosi tsohle tsa merabe esele a ahileng lehwatateng,


Malebana le Kedare le mebuso ya Hasore, eo Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a neng a e futuhela, Morena o re: “Ema, o futuhele baahi ba Kedare, baahi ba botjhabela o ba timetse.


re le Bajuda le basokolohi, Bakerete le Maarabia, re ba utlwa ba bolela mesebetsi e meholo ya Modimo ka dipuo tsa habo rona!”


Hagare o tshwantsha thaba ya Sinai e Arabia, mme o emetse Jerusalema ya kajeno, eo e leng lekgoba hammoho le bana ba yona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ