Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 27:2 - BIBELE

2 “Wena ngwana motho, binela Tire kodi-ya-malla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Oho mora motho, o phokolele Tire kodiyamalla, o re ho Tire:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 27:2
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Ka baka lena, Morena Modimo o bua tjena: ‘Ke tla theolela bohale ba ka le kgalefo ya ka hodima sebaka sena, hodima batho le diphoofolo, hodima difate tsa naha le hodima tse behwang ke naha. Kgalefo ya ka e tla tuka, mme e ke ke ya tingwa.’


“Ke tla llela dithaba, ke di hlomohele, makgulo a lehwatata ke a binele kodi-ya-malla, ke a binele hobane a omeletse hoo ho wona ho seng le mofeta-ka-tsela. Motho ha a ka ke a utlwa kgomo e bohla, nonyana tsa lehodimo di balehile, phoofolo tsa naha le tsona di itahlile!


Ke tla ba qhalanyetsa hara baditjhaba, bao batho bana, esita le bo-ntata bona, ba sa kang ba ba tseba. Ke tla ba fekefa ka sabole ho fihlela ke ba timetsa.”


A tla o binela kodi-ya-malla, a re: “ ‘O ripitlilwe jwang wena motse o tummeng, oo baahi ba wona e leng banna ba lewatle, wena o neng o le sehanyata, sehanyata lewatleng, o le sehanyata mmoho le baahi ba hao? Bohle ba phelang lewatleng ba a o tshaba!


Lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re:


Dillong tseo tsa bona tsa bofifi, ba tla o binela kodi-ya-malla, ba re: “Ke motse ofe o kila timetswa sa Tire, wa timeletswa bodibeng ba lewatle?”


“Wena ngwana motho, binela kgosi ya Tire kodi-ya-malla, o re ho yona: ‘Morena Modimo o bua tjena: “ ‘Botho ba hao bo ne bo phethehile, bohlale ba hao bo se na tekanyo, botle ba hao le bona bo ritelehile.


“Wena ngwana motho, binela Faro, kgosi ya Egepeta, kodi-ya-malla, o re: “ ‘O tshwana le tawana hara ditjhaba, athe o ka kganyapa e phelang mawatleng, e thalang kahara dinoka tsa yona, e tuduanyang metsi ka maoto a yona, e dukang dinoka e be dikgotlela.’


Lona ba ntlo ya Iseraele, mamelang! Ena ke kodi-ya-malla eo ke e binelang lona:


Ka baka leo, Morena Modimo wa mabotho, o bua tjena: “Ho tla utlwahala diboko ditseleng kahohle, le dillo tsa mahlomola mabaleng wohle a motse. Balemi ba tla memelwa ho tla lla, ba tsebang kodi-ya-malla ba bokolle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ