Ezekiele 27:12 - BIBELE12 “ ‘Motse wa Tarashishe wa hweba le wena ka baka la bongata ba matlotlo a hao; thepa ya hao ya kgwebo ba e ananya ka silefera le tshepe le lekapa le loto. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)12 Tarshishe o ne a hweba le wena ka mesebetsi e mefutafuta; ba teng ba ne ba anaya tsa hao ka silefera, le tshepe, le tine, le loto. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Ke dikepe tse bokanang mabopong, mabopong a dihlekehleke, dikepe tseo batsamaisi ba tsona ba ntebeletseng, dikepe tsa Tarashishe di di eteletse pele, di tlisa bara ba hao ba tswang holehole, ba tlang ba kakatetse silefera le kgauta ya bona, ho tla tlotlisa Morena, Modimo wa hao, e leng Ya Halalelang wa Iseraele, hoba ke yena ya o tlotlisitseng.
thepa ya kgauta, le ya silefera, le ya mabenyane a bohlokwa, le ya mahakwe a bohlokwa, le ya masela a matlematle, le a perese, le a sileka, le a mafubedu, le ya mahong wohle a bohlokwa, le ya tsohle tse entsweng ka manaka a tlou, le tsohle tsa mahong a bohlokwa, le tsa lethose, le tsa tshepe, le tsa mahakwe,