Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 26:8 - BIBELE

8 O tla bolaela baradi ba hao hara naha ka sabole, a o etsetse thibella, a o hahele marako, a o etsetse lekgwakgwa la dithebe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 O tla bolaya ka lerumo baradi ba hao ba naheng ya hao, a be a o teele hare ka lerako le potang, mme a o tjhekele ditutudu, a o emisetse thebe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 26:8
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha Sheba a le Abele-Bete-Maaka, balatedi ba Joabe ba mo etsetsa thibella. Ba tshela mobu, wa etsa qubu pela lerako la motse. Ba thuthuka lerako leo hore ba le dihe.


“Bonang, ho se ho hahilwe marako a etsetsang motse ona thibella, hore o tle o haptjwe. Ho se ho neelanwe ka motse ona matsohong a Bakalatiya ba o futuhetseng, mme ka baka la sabole sekoboto le lefu la sewa, o tla wela matsohong a bona. Seo o ileng wa se bolela se phethahetse, mme le wena o a se bona.


Ka letsatsi la leshome la kgwedi ya leshome, ka selemo sa borobong sa puso ya Sedekiya, Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a futuhela Jerusalema ka mabotho a hae wohle, a fihla a hloma pela motse. Ba haha diqhobosheane ho o potapota.


Morena wa mabotho o bua tjena: “Remang difate, le hahe metero, le etsetse Jerusalema thibella. Ona motse o lokelwa ke kotlo, kahare ho wona ho tletse kgatello.


Motsu o ka letsohong la yona le letona o tla supa Jerusalema, moo kgosi e tla isa ditshetlo teng, e laele hore ho bolawe, ho hlajwe mokgosi wa ntwa, ho bewe ditshetlo dikgorong tsa motse, ho hahwe marako, ho etsetswe motse thibella.


Baradi ba Tire ba hara naha ba tla bolawa ka sabole, mme ba tla tseba hore ke nna Morena.’ ”


O tla thua mabota a hao ka ditshetlo, a heletse le ditora tsa hao ka meqala.


Dikgosi ba a di soma, babusi ba a ba teola; diqhobosheane tsohle tsona ba a di tella, ba haha metero ya mobu, ba hape metse.


O tla fihlelwa ke matsatsi, ao ka wona dira tsa hao di tla o etsetsa thibella, di o teele hare, di o patise kahohle,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ