Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 26:6 - BIBELE

6 Baradi ba Tire ba hara naha ba tla bolawa ka sabole, mme ba tla tseba hore ke nna Morena.’ ”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Baradi ba hae, ba leng naheng ya hae, ba tla bolawa ka lerumo, ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 26:6
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bonang, matsatsi a a tla,” ho rialo Morena, “ao ka wona ke tla hlaba mokgosi, ke o hlabele Raba ya Baamone: Raba e tla fetoha qubu ya masupi, metse ya yona e tjheswe ke mollo. Jwale Baiseraele ba tla hapa naha ya bona, ba e hape ho ba neng ba e hapile pele,” ho rialo Morena.


Moholwane wa hao ke Samaria, yena ya phelang le baradi ba hae ka leboya ho wena. Moena wa hao ke Sodoma, yena ya phelang le baradi ba hae ka borwa ho wena.


Ruri ke a hlapanya, ho rialo Morena Modimo, moena wa hao Sodoma, esita le baradi ba hae, ha ba a ka ba etsa seo wena le baradi ba hao le se entseng.


“ ‘Ke tla boela ke atlehisa Sodoma le baradi ba hae, le Samaria le baradi ba hae; le wena Jerusalema, ke tla o atlehisa,


Ke tla otla Bamoabe, mme ba tla tseba hore ke nna Morena.”


Ke tla iphetetsa hodima Edomo ka letsoho la setjhaba sa ka sa Iseraele. Se tla otla Baedomo ho ya ka bohale ba ka le kgalefo ya ka, mme bao ba tla tseba boiphetetso ba ka, ho rialo Morena.’ ”


Ke tla iphetetsa haholo ka bona, ka dikotlo tse tshabehang. Mohla ke iphetetsang ka bona ke hona ba tla tseba hore ke nna Morena.’ ”


Raba ke tla e fetola lekgulo la dikamele, metse ya Amone yona ke e fetole mapatlelo a dinku, mme le tla tseba hore ke nna Morena.


ka baka leo, ke tla otlollela letsoho la ka hodima lona, ke neelane ka lona ho baditjhaba. Ke tla le ripitla hore le se hlole le eba setjhaba hara ditjhaba tse ding le hore le se hlole le eba le naha, ke le timetse le tle le tsebe hore ke nna Morena.’ ”


O tla bolaela baradi ba hao hara naha ka sabole, a o etsetse thibella, a o hahele marako, a o etsetse lekgwakgwa la dithebe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ