Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 26:15 - BIBELE

15 Morena Modimo o bua tjena ho Tire: “Na dinaha tse pela lewatle ha di na ho thothomela ha di utlwa hore o wele, ha mahlatsipa a ntse a dumaela, mme batho ba bolawa hara motse wa hao?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Morena Jehova o re ho Tire: Ha ke re, dihlekehleke di tla reketliswa ke modumo wa ho wa ha hao, le ke ho bobola ha ba hlabilweng, le ke polao e tla etswa ha hao?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 26:15
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Batho ba tla balehela mahaheng, ba balehele katlasa mafika, ba kene mekoting e tjhekilweng fatshe, ka baka la ho tshaba Morena le kganya ya botletlehi ba hae, ha a phahama ho tshosa lefatshe.


Ba dihlekehlekeng ba ile ba bona, mme ba kenwa ke tshabo, ba pheletsong tsa lefatshe bona ba thothomela, yaba ba a tla, ba atamelana,


Etlare ha ba ewa lefatshe le reketle, seboko sa bona se yo utlwahala, se utlwahale Lewatleng la Lehlaka.


Dipere tsa hae di tla ba ngata hoo di tla o kwahela ka lerole. Lekitikiti la dipere, le la makoloi le la dikariki tsa ntwa le tla sisinya mabota a hao, ha a kena dikgorong tsa hao jwaloka banna ba kenang motseng oo marako a wona a heleditsweng.


Jwale dihlekehleke di a thothomela, di thothomela ka tsatsi la ho wa ha hao; lewatleng dihlekehleke di tshohile, di tshohile ka baka la ho wa ha hao.’ ”


Ke tla o fedisa ka mokgwa o tshabehang, mme ha o sa tla hlola o eba teng. Ba tla o batla, empa ba ke ke ba hlola ba sa o fumana, ho rialo Morena.”


Naha tse bopong la lewatle di tla reketla, di reketle ha basesisi ba hao ba howa!


Batho bohle ba ahileng mabopong a lewatle, pheletso ena ya hao e ba tshositse; dikgosi tsa bona di tetemisa dirope, fahleho tsa tsona di tsunkantswe ke letswalo.


Ka etsa hore ditjhaba di thothomele ha di utlwa modumo wa ho wa ha kedare eo, ha ke e lahlela ka lebitleng mmoho le ba theohelang mohohlong. Jwale difate tshole tsa Edene, le tse ntlentle, tse kgahlehang tsa Lebanone, tsohle tse nwesetswang, tse ka mohohlong, di tla thabela ho wa ha kedare eo.


Ke tla etsa hore tjhaba tse ngata di o makalle, kgosi tsa tsona di thothomele ke tshabo, ha ke tsokotsa sabole ya ka kapele ho tsona. Mohla tsatsi la timelo ya hao, batho ba tla thothomela ka nako tsohle, motho ka mong a thothomele ke tshabo, a thothomele ke ho tshaba lefu la hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ