Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 26:12 - BIBELE

12 Dira tsa hao di tla hapa maruo a hao, di lobele thepa ya hao. Di tla heletsa marako a hao, di dihe matlo a hao a majabajaba. Di tla lahlela majwe a hao lewatleng, di lahlele le maballo a hao, le koqokoqo ya matlo a hao a heleditsweng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Ba tla hapa maruo a hao, ba tlatlape mesebetsi ya hao ya kgwebo; ba tla qhaqholla marako a hao, ba ripitle matlo a hao a matle, ba lahlele majwe a hao le difate tsa hao le lerole la hao metsing.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 26:12
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hesekiya o ne a ruile haholo, mme a tlotleha haholo. A haha matlo ao ka ho wona ho bolokwang silefera, le kgauta, le mahakwe a bohlokwa, le dinoko, le dithebe, le dintho tsohle tseo motho a ka lakatsang ho ba le tsona.


Ha selemo se thwasa, kgosi Nebukadenesare a mo romela maqosa, a mo isa Babilona le thepa ya bohlokwa ya Tempele ya Morena, mme a bea Sedekia, ngwanabo, hore e be kgosi ya Juda le Jerusalema.


Morena o otlolotse tsoho la hae, a le otlolla hodima lewatle, a etsa hore mebuso e thothomele. Malebana le Kanana Morena o entse taelo, hore qhobosheane tsa yona di ripitlwe.


Ya ileng a rerela Tire tsee ke mang? Tire, motse wa ho hlomamisa dikgosi, oo bahwebi ba wona e leng mahosana, oo bo-radikgwebo ba wona ba tummeng fatsheng lohle?


Llelang masimo a lona a matlematle, le llele morara o atlehileng;


Lona badisa llang, le bokolle haholo, lona beng ba mohlape ipitikeng hodima molora; nako ya ho bolawa ha lona e fihlile, nako ya ho qhalanngwa ha lona e phethahetse; le tla wa, le pshatlehe sa lefiso le letleletle!


Bahlabani bohle ba Bakalatiya, ba neng ba ena le molaodi wa balebedi, ba heletsa marako a potapotileng Jerusalema.


Tire e tla fetoha sebaka seo ho anehwang matlowa ho sona hara lewatle, e be lelobelo la ditjhaba, hobane nna Morena, ke buile, ho rialo Morena Modimo.


Ba tla o dihela ka mohohlong, o shwe lefu le sehloho haholo, lefu la ba shwelang bodibeng, bodibeng ba lewatle.


O tla kgutlela Egepeta a hapile medimo ya bona ya bohata le medingwana ya bona, le thepa ya bona ya silefera le ya kgauta, e etseditsweng medingwana eo. O tla qeta dilemo tse ngata a sa futuhele kgosi ya Siria.


Leha a ka atleha hara bana babo, moya o hlahang botjhabela o tla tsoha, moya o tswang ho Morena o tsohe lehwatateng; mohlodi wa Efraime o tla nyamela, sediba sa hae se kopotsang ebe se a psha. Matlo a polokelo ya hae a tla lobelwa, matlotlo wohle a bohlokwa a haptjwe.


Kaha le hatakela mofutsana, le mo qobelle ho le fa mabele a hae, le ke ke la dula kahara matlo le a hahile, le a hahile ka majwe, le a betlile; le masimo a morara o motle le a lemme, empa le ke ke la nwa veine ya wona!


Lobelang silefera, le lobele le kgauta! Tlotlo le wele makgwabane, ke nyakafatane!


‘Ka sefefo ke ile ka ba qhalanyetsa dinaheng disele, moo ba sa tsejweng. Ba siya naha ya bona e le nanaola, e se na baahi. Naha ya bona e ntle ya fetoha nanaola jwalo.’ ”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ