Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 25:5 - BIBELE

5 Raba ke tla e fetola lekgulo la dikamele, metse ya Amone yona ke e fetole mapatlelo a dinku, mme le tla tseba hore ke nna Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Ke tla etsa Rabba makgulo a dikamele, naha ya bana ba Ammone e be metebo ya dinku; le tle le tsebe hoba ke nna Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 25:5
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Joabe a futuhela Raba, motse wa Baamone wa bokgosi, mme a o hapa.


Ba ke ba hlajwe ke dihlong, ba tshohele ruri, ba tlontlolohe, mme ba timele.


Metse ya Arowere e tla hloka baahi, e tla fetoha metebo, mehlape e fule teng, ho se motho ya tla e tshwenya.


Ntlo ya kgosi e tla sala e le feela, mmidimidi o hara motse o fele; qhobosheane le tora e tla ba dithako kamehla, tonki di thalle teng, le mehlape e fule teng,


Ka baka leo he, Morena Modimo wa rona, ke a o kopa: Ako re namolele matsohong a kgosi ya Asiria, hore mebuso yohle ya lefatshe e tle e tsebe hore ke wena Morena Modimo a le mong feela.”


Bonang, matsatsi a a tla,” ho rialo Morena, “ao ka wona ke tla hlaba mokgosi, ke o hlabele Raba ya Baamone: Raba e tla fetoha qubu ya masupi, metse ya yona e tjheswe ke mollo. Jwale Baiseraele ba tla hapa naha ya bona, ba e hape ho ba neng ba e hapile pele,” ho rialo Morena.


O etse tsela e le nngwe eo kgosi e tla futuhela motse wa Raba wa Baamone ka yona, le e nngwe eo kgosi e tla futuhela motse wa Juda le motse o haheleditsweng wa Jerusalema ka yona.


“ ‘Wena kgosana e silafetseng, e kgopo ya Iseraele, letsatsi la kotlo ya hao le se le fihlile, mme bophelo ba hao bo kgopo bo tla fela!


Busetsa sabole selateng sa yona, ke tla o ahlolela naheng ya heno, naheng eo o tswaletsweng ho yona.


Esekiele e tla ba sesupo ho lona; le tla etsa jwalokaha a entse. Etlare ha tsena di phethahala le tsebe hore ke nna Morena Modimo.’


Morena Modimo o bua tjena: “Erekaha ba Moabe le ba Seire ba itse: ‘Bonang, ba ntlo ya Juda ba tshwana le ditjhaba tse ding tsohle,’


Baradi ba Tire ba hara naha ba tla bolawa ka sabole, mme ba tla tseba hore ke nna Morena.’ ”


Ha ke tjhesa hlaha naheng ya Egepeta, bohle ba thusanang le yona ke ba ripitla, ke hona ba tla tseba hore ke nna Morena.


Ke tla o fetola letswatlare ho isa kgale, metse ya hao e fetohe dithako. Kahoo o tla tseba hore ke nna Morena.


Ke tla bonahatsa jwalo boholo ba ka le kgalalelo ya ka, ke itsebise ditjhaba tse ngata moo di ntseng di bona. Kahoo di tla tseba hore ke nna Morena.’ ”


Naha e bopong la lewatle e tla ba makgulo, e tla ba ya badisa le ya meraka.


Ke Oge feela, kgosi ya Bashane, eo e leng lesalla la Barefaime. Lekese la hae la bafu e ne e le la tshepe, bolelele ba lona e le dimethara tse nne, bophara e le dimethara tse pedi, ho latela ho lekanya ho tlwaelehileng ha mehla eo. Lekese leo le sa le teng le kajeno motseng wa Baamone, wa Raba.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ