Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 24:7 - BIBELE

7 “ ‘Motseng ona madi a ne a tshollwe, a tshollelwa hodima lefika, a se ke a tshollelwa fatshe, fatshe moo a neng a ka monyela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Hobane madi a tsholotsweng ke motse oo a teng hara wona, o a beile lefikeng le hlobotseng; ha o a ka wa a tshollela fatshe, ho a apesa ka lerole.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 24:7
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O tle o fihle o re ho yena: ‘Morena o bua tjena: Na o fela o bolaile Nabote, o bile o inketse tshimo ya hae?’ O boele o re ho yena: ‘Morena o bua tjena: Hona moo, moo dintja di ileng tsa qaphela madi a Nabote hona teng, le wena madi a hao di tla a qaphela hona teng.’ ”


“Oho, wena lefatshe, madi a ka o se ke wa a monya, boipiletso ba ka bo se ke ba kgaotsa!


Bonang, Morena o tswa ka leahong la hae, ho ahlolela baahi ba lefatshe dibe tsa bona. Fatshe le tla hlahisa madi a tsholletsweng hodima lona, ba bolaetsweng ho lona le ke ke la hlola le sa ba pata.


Fahleho tsa tsona di a di qosa, di ipoletse sebe sa tsona jwaloka Sodoma, le ho se pata di sitwa ho se pata. Di madimabe hakaakang! Koduwa ena di imemetse yona!


Aparong tsa hao madi a fumanwe, madi a bafumanehi ba se nang molato, e seng madi a mashodu, dithuamatlo.


Na ba ke ba be dihlong ha ba entse manyala? Le ho ka! Ho hang ho bona dihlong ha di yo! Le ho pudufallwa ha ba pudufallwe; kahoo ba tla wela hara ba weleng, mohla ke ba otlang ba tla timela,” ho rialo Morena.


O molato ka baka la madi ao o a tsholotseng; o itshilafaditse ka ho iketsetsa medingwana ya bohata. O kgutsufaditse matsatsi a hao, mme qetello ya dilemo tsa hao e se e fihlile. Ka baka lena, ke tla o etsa sekgobo ho baditjhaba, ke o etse sesomo dinaheng tsohle.


Empa banna ba lokileng ba tla ba ahlola ka kotlo ya basadi ba difebe le babolai, kahobane ba a feba, mme matsoho a bona a kganathetse madi.


“ ‘Motho ofe wa bana ba Iseraele, kapa wa moditjhaba ya jakileng hara bona, ya tsomang phoofolo kapa nonyana e ka jewang, ha a e bolaile o tla fophisa madi a yona, a a kwahele ka mobu.


Ke tla bakela batho mahlomola, tsela ba e phopholetse sa difofu, hoba ba entse sebe, ba sitetswe Morena. Madi a bona a tla tsholoha sa lehlabathe, mala a bona a petletsehe sa bolokwe.


Ke bobete feela boo le sa tlong ho bo ja; bona le bo qhalle fatshe jwalokaha le qhala metsi.


Le se ke la bo ja, le bo qhalle fatshe jwalokaha le qhala metsi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ