Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 24:25 - BIBELE

25 “Jwale he, wena ngwana motho, ke tla tlosa hara bona qhobosheane eo ba ikgantshang ka yona, eo ba e ratang haholo, eo ba itlotlang ka yona, eo ba e labalabelang; ke tlose le bara le baradi ba bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Haele wena, mora motho, etlare hobane ke tlose hara bona qhobosheane ya bona, e leng thabo ya boikgohomoso ba bona, le takatso ya mahlo a bona, le hlokomelo ya meya ya bona, ke re, bara ba bona le baradi ba bona;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 24:25
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena o moholo, o lokelwa ke thoriso e kgolo motseng wa Modimo wa rona, thabeng ya hae e a halalelang.


Modimo o kganya a le Sione, motseng o motlemotle.


Kahoo Morena wa mabotho o bua tjena: “Ke tla ba otla. Bahlankana ba bona ba tla bolawa ka sabole, bara le baradi ba bona ba bolawe ke sekoboto.


Hona moo Ribela, kgosi ya Babilona ya bolaya bara ba Sedekiya moo a ntseng a ba shebile, ya ba bolaya le balaodi bohle ba Juda.


Le se ke la tshepa dipolelo tsa leshano, tse reng: “Ena ke Tempele ya Morena, Tempele ya Morena, Tempele ya Morena!”


O hutse seqha sa hae jwaloka sera, o eme sa mohlabani, tsoho le letona le phahame; bohle ba kgahlang mahlo a ba bolaya. Kgalefo ya hae e tukang malakabe, a e theolela hodima tente ya Sione.


‘Ere ho ba ntlo ya Iseraele, Morena Modimo o bua tjena: Bonang, ke tla silafatsa Sehalalelo sa ka, e leng qhobosheane eo le ikgantshang ka yona, eo le e ratang haholo, eo le e qenehelang. Bara le baradi ba lona, bao le ba siileng Jerusalema, ba tla bolawa ka sabole.


Ka la maobane, mantsiboya, motho eo a eso ka a fihla ho nna, matla a tswang ho Morena a ne a ile a ntsukutla. Hoseng, motho eo a eso ka a fihla ho nna, Morena a rarolla leleme la ka, ka tseba ho bua.


Bara ba hao le baradi ba hao ba tla newa setjhaba se seng, moo o ntseng o bona; o tla ba hlolohelwa ka dinako tsohle, empa o se na matla a ho etsa letho.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ