Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 24:19 - BIBELE

19 Yaba setjhaba se a mpotsa, se re: “Na o ka re hlalosetsa hore na dintho tsee tseo o di etsang di re supisa eng?”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Setjhaba sa re ho nna: Na o ke ke wa re qaqisetsa seo taba tseo di re tshwantshetsang sona na, ha o etsa tse jwalo?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 24:19
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Wena ngwana motho, na setjhaba sa Iseraele, setjhaba see sa bafetohedi, ha se a ka sa o botsa, sa re: ‘O etsang?’


“Botsa setjhaba sena sa bafetohedi, o re: ‘Na ha le tsebe se bolelwang ke ntho tsee? Bonang mona, kgosi ya Babilona e ile ya fihla Jerusalema, ya thopa kgosi ya Jerusalema le mahosana a yona, bohle ya ba isa Babilona.


Yaba ke re: “Oho, Morena Modimo! Ba ntse ba bua ka nna, ba re: ‘Na ha a ipolelle ditshwantsho feela?’ ”


E tle ere ha ba o botsa, ba re: ‘O fehellwang?’ wena o tle o ba arabe, o re: ‘Ke ka baka la ditaba tse tlang. Dipelo tsohle di tla qhibidiha, matsoho wohle a fokole, sebete sohle se fele, le mangwele wohle a otlane ke letswalo.’ Taba tsena di a tla! Di tla phethahatswa, ho rialo Morena Modimo.”


Kahoo ka bua le setjhaba hoseng, mantsiboya mosadi wa ka a hlokahala. Ka la hosasane ka etsa kamoo ke neng ke laetswe kateng.


Ka se araba, ka re: “Lentswe la Morena le ile la fihla ho nna, la re:


“Ha setjhaba sa heno se re ho wena: ‘A ko re hlalosetse seo o se bolelang ka ketso ena,’


“Lona le mpuile hampe,” ho rialo Morena. “Empa le a mpotsa, le re: ‘Re o buile hampe jwang?’


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ