Ezekiele 24:17 - BIBELE17 O fehelwe o ntse o kgutsitse, o se ke wa llela bafu. O nne o rwale moqhaka wa hao hloohong ya hao, le meqathatso ya hao maotong, o se ke wa kwahela ditedu tsa hao kapa wa ja dijo tse etseditsweng ba bofifing.” အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)17 O fehelwe o ntse o kgutsitse; o se ke wa etsa bofifi ba bafu; o nne o rwale moqhaka, o rwale le dieta tsa hao maotong, o se ke wa kwahela ditedu tsa hao, mme o se ke wa ja bohobe ba bofifi. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Moshe a re ho Arone, le ho bara ba hae Eleasare le Itamare: “Le se ke la hlantholla moriri wa lona, kapa la hahola diaparo tsa lona, esere la shwa, mme Morena a halefela phutheho yohle. Empa bana babo lona, le ba ntlo yohle ya Iseraele, bona ba ka llela ho tjheswa hona ho entsweng ke mollo o hoteditsweng ke Morena.