Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 24:16 - BIBELE

16 “Wena ngwana motho, ka ho panya ha ntshi ke tla o amoha mosadi wa hao, e leng moratuwa wa hao e moholo. Leha ho le jwalo o se ke wa lla, kapa wa bokolla, kapa wa keleketla dikeledi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Mora motho, bona, ka lefu le sehlooho ke tla o amoha se ratwang ke mahlo a hao. O se ke wa lla, leha e le ho bokolla, meokgo ya hao e se ke ya keleketla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 24:16
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Le kajeno sello sa ka se sa le bohloko; le hoja ke bile ke fehelwa hakaalo, tsoho la Modimo le ntse le nkimetse.


Hlokomela, esere maruo a o hohela, o se ka dumela ha tjotjo e o kgelosa.


ya ratehang sa tshepe, ya natlailang sa kgama; kamehla matswele a hae a o thabise, kamehla rato la hae le ke le o hohele.


Nna ke wa moratuwa wa ka, takatso tsa hae di tobile nna feela.


Empa haeba le ke ke la mamela, ke tla llela boikgohomoso ba lona sephiring, mahlo a ka a keleketle dikeledi, hobane mohlape wa Morena o tla bo thopilwe.


Morena o bua tjena: “O se ke wa kena ka tlung e nang le bofifi, o se ke wa lla le ba ka ho yona kapa wa ba tshedisa, hobane ke amohile setjhaba sena kgotso ya ka le lerato la ka le kutlwelobohloko ya ka,” ho rialo Morena.


Se lleleng mofu, le kgutsana le se e rwale, le mpe le llele haholo ya thopilweng, hobane ha a ka ke a hlola a kgutla hape, leha e le ho bona fatshe la tswalo ya hae.


Ka baka leo, Morena o bua tjena malebana le Jehoyakime, mora wa Josiya, kgosi ya Juda: “Ha ba ka ke ba mo llela, ba re: ‘Jo nna, ngwaneso! Jo nna, kgaitsedi ya ka!’ Ha ba ka ke ba mo llela, ba re: ‘Jo nna, monga ka! Jo nna, tlotla ya hae!’


Hoja hlooho ya ka ke sediba sa metsi, mahlo a ka ebe ke mohlodi wa dikeledi, ke tle ke lle motsheare le bosiu, ke llele tjhaba sa heso se bolailweng.


Basadi bao ba potlake ba re llele, keledi di keleketle marameng a rona, kgapha di phorosele di etswa ntshing tsa rona.


Pelo tsa setjhaba di ipiletsa ho Morena, wena Jerusalema, Moradi wa Sione, keledi tsa hao a di ke di phalle jwaloka noka, di phalle motsheare, di phalle le bosiu; o se ke wa ipha sebaka sa ho phomola, mahlo a hao le wona a se ke a phomola.


Kahoo ka bua le setjhaba hoseng, mantsiboya mosadi wa ka a hlokahala. Ka la hosasane ka etsa kamoo ke neng ke laetswe kateng.


Empa moprista a se ke a itshilafatsa ka kgaitsedi ya hae e nyetsweng, hobane ka hona o tla be a itshilafatsa.


Bana beso, re rata ha le tseba tsa ba ithobaletseng, hore le tle le se ke la lla jwaloka ba bang, ba se nang tshepo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ