Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 24:10 - BIBELE

10 Bokella patsi o e hotetse, pheha nama o e butswise, o tjhese moro, le masapo a tjheswe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Patsi a e be ngata, mollo o beswe, dinama di apehwe, o fudue moro, masapo a tjheswe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 24:10
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka mohlomong Jakobo o ne a phehile sopho, Esau a kena a etswa naheng, a lapile haholo.


Thaba ya ka le naha e e potileng, maruo le matlotlo wohle a lona, tsena ke tla fana ka tsona e be lelobelo, ke fane ka dibaka tsa lona, baka tsa lona tsa borapedi, ka baka la sebe se entsweng naheng ena yohle.


Maruo wohle a motse ona, le tsohle tse sebeditsweng ka thata, le dintho tsohle tsa bohlokwa, le matlotlo wohle a dikgosi tsa Juda, tsena tsohle ke tla neelana ka tsona matsohong a dira tsa bona. Dira di tla di hapa, di di nke, di ye le tsona Babilona.


Sera se nanabeditse letsoho la sona, sa le nanabetsa, sa nka maruo wohle a yona; Jerusalema e bone baditjhaba ba kena, ba kena ka Sehalalelong sa yona, bona bao o neng o laetse, o itse ba se kene phuthehong ya hao.


Dira tsa hao di o bebenyetsa melomo, di a o soma, di o tsikitlanyetsa meno, di re: “Re timeditse Jerusalema! Lena ke lona tsatsi leo esale re le emela, le fihlile, re bile re le bone!”


Bea pitsa e feela hodima mashala, e be e tjhese, those la yona le tlerefale, ditshila tsa yona di qhibidihe kahare, mafoome a yona a tjheswe ke mollo.


“ ‘Ka baka leo, Morena Modimo o bua tjena: “ ‘Ho madimabe motse o tshollang madi, ke tla o rwallela hlaba ya patsi!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ