Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 24:1 - BIBELE

1 Ka letsatsi la leshome la kgwedi ya leshome selemong sa borobong, lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ka selemo sa boroba mono o le mong, ka kgwedi ya leshome, ka la leshome la kgwedi, lentswe la Jehova la ntlela, la re:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 24:1
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jehoyakine, kgosi ya Juda, a tswa motseng, a ya ineela ho kgosi ya Babilona, a ena le mmae, le bahlanka ba hae, le mahosana a hae, le bahlanka ba hae ba mahaole. Kgosi ya Babilona ya mo thopa ka selemo sa borobedi sa puso ya yona.


Ka kgwedi ya leshome ya selemo sa borobong sa puso ya Sedekiya, kgosi ya Juda, Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a futuhela Jerusalema ka mabotho a hae wohle, a e etsetsa thibella.


Ka letsatsi la leshome la kgwedi ya leshome, ka selemo sa borobong sa puso ya Sedekiya, Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a futuhela Jerusalema ka mabotho a hae wohle, a fihla a hloma pela motse. Ba haha diqhobosheane ho o potapota.


Ka letsatsi la bohlano la kgwedi, e leng selemo sa bohlano kgosi Jehoyakine a thopilwe,


Ka letsatsi la leshome la kgwedi ya bohlano selemong sa bosupa, ba bang ba baholo ba Iseraele ba tla botsa Morena, mme ba dula fatshe kapele ho nna.


Le tla otlelwa bokgopo ba lona, le jare melato ya dibe tsa lona tsa ho kgumamela medingwana ya bohata. Ka hona le tla tseba hore ke nna Morena Modimo.”


“Wena ngwana motho, ngola letsatsi lena, le yona nako ena, hobane ka lona letsatsi lena, kgosi ya Babilona e tla etsetsa Jerusalema thibella.


Ka letsatsi la pele la kgwedi selemong sa leshome le motso o mong, lentswe la Morena la fihla ho nna, la re:


Ka letsatsi la leshome le metso e mmedi la kgwedi ya leshome selemong sa leshome, lentswe la Morena la fihla ho nna, la re:


Ka letsatsi la pete la kgwedi ya pele selemong sa mashome a mabedi a metso e supileng, lentswe la Morena la fihla ho nna, la re:


Ka letsatsi la pele la kgwedi ya boraro selemong sa leshome le motso o mong, lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re:


Ka letsatsi la pele la kgwedi ya leshome le metso e mmedi selemong sa leshome le metso e mmedi, lentswe la Morena la fihla ho nna, la re:


Ka letsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi selemong sa leshome le metso e mmedi, lentswe la Morena la fihla ho nna, la re:


Ka letsatsi la bohlano la kgwedi ya leshome selemong sa leshome le metso e mmedi sa ho thopuwa ha rona, motho e mong ya neng a ile a phonyoha Jerusalema a fihla ho nna, a re: “Motse o hapilwe!”


Ka letsatsi la leshome la kgwedi, qalong ya selemo sa mashome a mabedi a metso e mehlano re le bothopuweng, e le selemo sa leshome le metso e mene motse wa Jerusalema o ripitlilwe, ka lona letsatsi leo matla a tswang ho Morena a ntsukutla, a nkukela hona Jerusalema.


Ka letsatsi la bohlano la kgwedi ya botshelela selemong sa botshelela, ha ke ntse ke dutse ka tlung ya ka, mme baholo ba Juda ba dutse kapele ho nna, matla a tswang ho Morena Modimo a ntsukutla.


“Morena wa mabotho o bua tjena: Ha ho itingwa dijo ka kgwedi ya bone, le ka kgwedi ya bohlano, le ka ya bosupa, le ka ya leshome, e tla ba matsatsi a thabo le a nyakallo, e be mekete e monate ho ba ntlo ya Juda. Kahoo ratang nnete le kgotso.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ