Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 23:41 - BIBELE

41 Wa dula betheng e butshabutsha, kapele ho yona ho beilwe tafole e nang le mokubetso le ole ya ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

41 wa ba wa dula malaong a bokgabane, ao pela wona ho neng ho beilwe tafole moo o beileng dibano tsa ka le ole ya ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 23:41
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ho ne ho ena le masela a masweu, le a maputswa, a neng a leketlisitswe kgweleng e entsweng ka lesela le lohehileng, le perese, a tlameletswe mefitshaneng e neng e entswe ka silefera, mme e hoketswe ditshiyeng tsa mahakwe a masweu. Ditulo tse nang le mesamo di ne di entswe ka kgauta le ka silefera, di beilwe hodima lebala le katilweng ka mahakwe a mafubedu, le a masweu, le a boputswa ba lehodimo, le a matsho.


Mealo ya lona e hodima thaba tse phahameng, thabeng tse hodimo, ke moo le nyolohelang teng ho ya etsa mahlabelo.


“Empa ha e le lona ba furallang Morena, ba lebalang thaba ya ka, thaba e halalelang, ba batlang leseho ka ho nyehella Tosa ka dijo, ba nyehellang Sefalabohoho ka jwala bo bohale;


Ruri re tla etsa dintho tsohle tseo re hlapantseng hore re tla di etsa, e leng ho tjhesetsa Mofumahadi wa Lehodimo mokubetso, ho mo etsetsa nyehelo ya dino, jwalokaha rona le bo-ntata rona, le dikgosi tsa rona, le mahosana a rona, re ile ra etsa metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema. Ka nako eno kgora e ne e le ngata, re iketla, re sa tshwenngwe ke letho.


aletare ya lehong, e bophahamo ba methara e le nngwe, bolelele le bophara bo lekana. Dihuku tsa yona, le fatshe ho yona, le mahlakore a yona, tsohle e ne e le tsa lehong. Monna eo a re ho nna: “Ena ke tafole e kapele ho Morena.”


Bona ba tla kena ka Sehalalelong sa ka, ba atamele pela tafole ya ka ho ntshebeletsa le ho phetha tshebeletso ya ka.


Ke hona le tla tseba hore ke nna Morena, ha ditopo tsa babolauwa ba bona di rapaletse hara medingwana ya bona ya bohata, ho potapota dialetare tsa bona tse hodima maralla wohle a phahameng, le hodima ditlhoro tsa dithaba tsohle, le katlasa difate tsohle tse talana, le katlasa difate tsohle tse teng tsa eike, e leng dibaka tseo ho tsona ba neng ba tjhesetsa mokubetso o nkgang hamonate, ba o tjhesetsa medingwana ya bona ya bohata.


Kathoko ho aletare tsohle ba a robala, ba robale ka kobo tse beilweng paneng. Ka Tempeleng ya Modimo wa bona ba nwela veine eo ba lefilweng ka yona.


Le paqama mealong e kgabisitsweng, e kgabisitsweng ka manaka a tlou; le kakalla tulong tsa lona, tulong tse butshabutsha, le ja nama ya dikonyana e bonojwana, le je le ya manamane a nontshitsweng.


“Aletareng ya ka le nyehela ka dijo tse silafetseng. “Empa le a mpotsa, le re: ‘Re o hlompholotse jwang?’ “Ke ha le re tafole ya Morena e a eiseha.


Empa Saule a hana, a re: “Nke ke ka ja!” Bahlanka ba hae le mosadi eo ba mo qophella, a ba a qetella a dumetse. Jwale a ema fatshe, a dula hodima moalo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ