Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 23:23 - BIBELE

23 Bao ke bara ba Babilona, le Bakalatiya bohle, banna ba Pekode le Showa le Kowa, le Baasiria bohle ba nang le bona. Ke bahlankana ba ditjaka, babusi le balaodi le bahlabani le mahosana a tummeng, bao kaofela ha bona ba palamang dipere.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 e le bara ba Babilona le Bakalde kaofela, mahosana, le baholo, le marenana, ba tle le bana ba Assiria bohle, e le bahlankana ba ratehang kaofela ha bona, babusisi le mahosana, bahlabani le banna ba lekgotla, ba palamile dipere bohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 23:23
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Noka ya boraro e bitswa Tigerese; ke yona e fetang ka botjhabela ho Asure. Noka ya bone ke Euferatese.


Ditloholo tsa hae tsa aha ho tloha Hafila ho ya fihla Shure, ka botjhabela ho Egepeta, tseleng e yang Asiria. A aha ka botjhabela ho bana babo.


Jwale Morena a neella Jehoyakime ka mabothwana a Bakalatiya, le a Baarame, le a Bamoabe, le a Baamone; a a romela Juda, ho ya e timetsa, mme ha phethahala polelo ya Morena, eo a neng a e bue ka bahlanka ba hae, baporofeta.


Ba keteka mokete wa mahobe a sa lomoswang ka matsatsi a supileng, ba o keteka ka thabo. Morena o ne a ba thabisitse, a entse hore kgosi ya Asure e ba rate, e ba thuse ho haha Tempele ya Modimo, Modimo wa Iseraele.


Yare le leo le sa ntsane le bua, le leng la fihla, la re: “Bakalatiya ba ile ba fihla ka mabothwana a bona a mararo, a hlaselang, ba futuhela dikamele, ba di hapa; ba bolaya le bahlanka ba hao ka sabole. Ke nna feela ya phonyohileng ho tla o tsebisa.”


Tadima naha ya Bakalatiya, ya tjhaba seo e seng e se letho! Baasiria ba e fetotse hwatata la dibatana, ba haha tora tsa bona tsa dibohodi, ba heletsa qhobosheane tsa yona, ba e siya e fetohile masupi.


“Futuhelang naha ya Merataime, le futuhele le baahi ba Pekode. Ba phaladiseng, le ba bolaye, le be le ba timetse ho hang,” ho rialo Morena. “Taelo tsa ka tsohle le di phethahatse.


Lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re:


Le yena a tjhatjhehela Baasiria ba ahelaneng le yena, e leng babusi le balaodi ba bahlabani, ba apereng tse majabajaba, ba palamang dipere, kaofela ha bona e le bahlankana ba ditjaka.


“Empa a nna a fetella ka bootswa ba hae. A bona ditshwantsho tsa banna ba Bakalatiya leboteng, di entswe ka kgokgotsi.


“Ka baka lena, wena Oholeba, Morena Modimo o bua tjena: Ke tla o qabanya le baratuwa ba hao, bao o ba nyonyang, o ba furaletseng; ke tla etsa hore ba o futuhele ba etswa hohle.


E ne e le babusi le balaodi ba bahlabani, ba apere diaparo tse putswa, kaofela ha bona e le bahlankana ba ditjaka, ba palamang dipere.


“Jwale a tloha naheng ya Bakalatiya a tla aha Kgarane. Hoba ntatae a shwe, Modimo a mo fallisetsa naheng ena eo le ahileng ho yona kajeno.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ