Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 23:20 - BIBELE

20 Hona moo Egepeta o ne a tjhatjhehela baratuwa ba hae, bao botona ba bona bo neng bo tshwana le maqobo a ditonki; bao peo ya bona ya bonna e neng e hoshoha jwaloka ya dipere tsa dipoho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 a rata baboki ba teng haholoholo bao nama ya bona e kang nama ya diesele, le mohlapo wa bona o kang mohlapo wa dipere.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 23:20
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa kgosana e ile ya fetohela kgosi ya Babilona, ya romela maqosa a yona Egepeta, ya kopa hore e thuswe ka dipere le ka bahlabani ba bangata. Na kgosana eo e tla atleha? Na ya etsang tse tjee a ka phonyoha? Na a ka senya selekane yaba o a lopoloha?


O bile o entse bootswa le Baegepeta ba ahisaneng le wena, ba tletseng ditakatso tsa nama, wa totisa bootswa bona ba hao, mme wa nkgalefisa.


“ ‘Wa nka le bara le baradi ba hao, bao o ntswaletseng bona, wa etsetsa medingwana ena sehlabelo ka bona hore e ba je. Na o ila bona bootswa boo ba hao bo sa lekana,


Ba ka poho tsa dipere tse fepehileng, tse batlang ho thokola, monna ka mong o lakatsa mosadi wa e mong.


Hanghang ha a ba bona a ba tjhatjhehela, a ba a romela maqosa ho bona, Babilona.


Empa a nna a feteletsa bootswa ba hae, ha a hopola botjha ba hae, e sa le seotswa naheng ya Egepeta.


Ha a ntse a ena le lero, sesila sa hae e tla ba sena: botona ba hae bo ka qhitsa lero, kapa bo ka thibana ke lero, o ntse a le sesila.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ