Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 23:18 - BIBELE

18 Ha a ntse a tswela pele ho etsetsa bootswa ba hae pepeneneng, a pepesa bofeela ba hae, ke ile ka mo nyonya, ka ba ka mo furalla, jwalokaha ke ile ka furalla ngwanabo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 A hlanola bohlola ba hae, a apola bofeela ba hae, mme moya wa ka wa hlobohana le yena, jwalokaha moya wa ka o ne o se o hlobohane le ngwanabo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 23:18
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena a halefela setjhaba sa hae, a nyonya bao e leng lefa la hae.


Ha Modimo a bona hoo, a halefa; a lahla Iseraele ho hang.


Fahleho tsa tsona di a di qosa, di ipoletse sebe sa tsona jwaloka Sodoma, le ho se pata di sitwa ho se pata. Di madimabe hakaakang! Koduwa ena di imemetse yona!


Kamora mamati le dikosene tsa lona, ke moo le entseng meupello, la mphuralla, la apola bofeela ba lona, la kena diphateng, la ithabisa ka ho etsa bohlola, la iketsetsa setswalle le bao le ba ratang, la ba la tadima bofeela ba bona.


Lefa la ka le tshwana le tau ya moru; e a nthorela, kahoo ke e hloile.


Jwale Morena a re ho nna: “Leha Moshe le Samuele ba ne ba ka ema kapele ho nna mona, pelo ya ka e ne e ke ke ya utlwela setjhaba sena bohloko. Tlosa batho bana kapele ho nna! Ere ba tsamaye!


Itlhokomele ke hona, wena Jerusalema, esere lerato leo ke o ratang ka lona la mphella, ka o fetola nanaola, naha e hlokang baahi.”


Na ba ke ba be dihlong ha ba entse manyala? Le ho ka! Ho hang ho bona dihlong ha di yo! Le ho pudufallwa ha ba pudufallwe; kahoo ba tla wela kahara ba weleng; mohla ke ba otlang ba tla timela, ho rialo Morena.


Morena o lahlile aletare ya hae, Sehalalelo sa hae le sona a se furalla; marako a matlo a kgosi tsa Sione o neelane ka wona matsohong a dira; ka tlung ya Morena dira di entse lerata, lerata le kang la mohla tsatsi la mokete.


Morena Modimo o bua tjena: Erekaha o hafakile ditjhelete tsa hao, wa pepesa bofeela ba hao, ha o ne o etsa bootswa le baratuwa ba hao, le medingwana ya hao e manyala, eo o e etseditseng sehlabelo ka bara ba hao;


“Ka baka lena, Morena Modimo o bua tjena: ‘Kahobane le entse hore ke se ke ka lebala dibe tsa lona ka ho mphetohela, mme dibe tseo tsa lona di pepesitswe ke diketso tsohle tsa lona; kahobane le entse hore ke se ke ka le lebala, le tla iswa bothopuweng.


Ba ile ba mo tsodisa, ba nka bara le baradi ba hae, yena ba mmolaya ka sabole. O ile a fetoha pale hara basadi, mme kotlo ya mo wela hodimo.


Empa a nna a feteletsa bootswa ba hae, ha a hopola botjha ba hae, e sa le seotswa naheng ya Egepeta.


“Ka baka lena, ke ile ka neelana ka yena matsohong a baratuwa bao ba hae ba Baasiria, bao a neng a ba tjhatjhehela.


“Kgalemang mma lona, le mo kgaleme, hoba yena ha e sa le mosadi wa ka, le nna ha ke sa le monna wa hae. Lebososelo la bootswa a le fedise, dinyatsi di tlohe sefubeng sa hae.


“Ha ke re ke fodisa Iseraele, dibe tsa Efraime di a pepeseha, bokgopo ba Samaria bo senolehe: Bobedi ba etsetsana bolotsana, Mashodu a a thua, a kene ka matlung, diterateng dinokwane di hape tsa batho.


“Mekete ya lona ya borapedi ke e hloile, ke bile ke a e nyonya; le phutheho tsa lona ha ke di thabele.


Morena Modimo o se a ikanne, Morena Modimo wa mabotho, o re: “Ke nyonya boikakaso ba Jakobo, ke hloile matlo a bokwele a hae; ke tla neelana ka motse ona, ke neelane ka tsohle tse ho wona.”


Ka kgwedi e le nngwe ka bolaya badisa ba bararo, hobane ba ne ba ntenne, ba se ba ntlhoile.


“Morena a bona hona, mme a ba nyonya, a lahla bara le baradi ba hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ