Ezekiele 22:4 - BIBELE4 O molato ka baka la madi ao o a tsholotseng; o itshilafaditse ka ho iketsetsa medingwana ya bohata. O kgutsufaditse matsatsi a hao, mme qetello ya dilemo tsa hao e se e fihlile. Ka baka lena, ke tla o etsa sekgobo ho baditjhaba, ke o etse sesomo dinaheng tsohle. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)4 O molato ka madi ao o a tsholotseng; o itshilafaditse ka ditshwantsho tseo o di entseng; o atameditse matsatsi a hao, o bile o fihlile phellong ya dilemo tsa hao; ke kahoo ke o beang sekgobo ho ditjhaba le sesomo dinaheng tsohle. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Oho, Morena, ka ho ya ka ho loka hohle ha hao, ke a o rapela: Bohale ba hao le kgalefo ya hao a di ke di faposwe motse wa hao wa Jerusalema, thaba ya hao e halalelang. Ka baka la dibe tsa rona le makgopo a bo-ntata rona, Jerusalema mmoho le setjhaba sa hao, e fetohile sesomo ho bohle ba re potapotileng.