Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 22:26 - BIBELE

26 Baprista ba bona ba tlotse melao ya ka, ba silafatsa dintho tsa ka tse halalelang. Le hoja ba tseba, ha ba kgetholle ntho e halalelang ho e sa halaleleng; ha ba rute batho ho kgetholla se hlwekileng ho se sa hlwekang. Ha ba tsotelle ho boloka Disabatha tsa ka, kahoo ba a ntlontlolla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Baprista ba yona ba tlola molao wa ka, ba silafatsa dihalalelo tsa ka, ha ba kgethe se halalelang ho se ditshila, ha ba kgethahanye motho ya sa hlwekang ho motho ya hlwekileng: ba pompatsa mahlo a bona hore a se ke a bona Disabatha tsa ka, mme ke hlomphollwa hara bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 22:26
31 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Le baprista bohle ba ka sehloohong, mmoho le setjhaba, ba sitwa haholo, ba latela manyala wohle a baditjhaba, ba silafatsa Tempele ya Morena, eo a neng a e halaleditse Jerusalema.


Ka baka leo, Morena o bua tjena: “Haeba o ka baka ke tla o busetsa tulong tsa hao, haeba o bua polelo tse ntle e seng tsa mafeela, e tla ba wena molomo wa ka, o ntshebeletse, tjhaba sena se ye ka ditsela tsa hao, e seng wena o ye ka ditsela tsa sona.


Baprista ha ba a ka ba re: ‘O kae Morena?’ Ditsebi tsa Molao ha di a hlola di sa ntseba, babusi ba setjhaba le bona ba mphetohela; baporofeta ba porofeta ka lebitso la Baale, ba latela medimo e ke ke ya ba thusa.”


Di kenwe ka baka la dibe tsa baporofeta ba wona, ka baka la makgopo a baprista ba wona, ba tsholotseng madi a ba lokileng, ba a tsholla hara motse wa Jerusalema.


O hlompholotse dintho tsa ka tse halalelang, wa silafatsa Disabatha tsa ka.


Le nna ba nkentse tjena: Ka lona tsatsi leo ba silafaditse Sehalalelo sa ka, ba hlompholla Disabatha tsa ka.


Hohle moo se ileng sa ya teng hara baditjhaba, se ile sa silafatsa lebitso la ka le halalelang, hobane ho ile ha buuwa ka sona, ha thwe: ‘Sena ke setjhaba sa Morena, empa se ile sa tlameha ho tswa naheng ya hae.’


Setsha seo a se metha ka mahlakoreng a mane. Ho ne ho ena le lerako le se potolohang, leo bolelele ba lona e neng e le dimethara tse makgolo a mabedi le mashome a mahlano, bophara ba lona e le dimethara tse makgolo a mabedi le mashome a mahlano, e le le arolang sebaka se halalelang ho se sa halaleleng.


“ ‘Ha e le Balevi ba ileng ba emella hole le nna ha Baiseraele ba kgeloha, ba kgeloswa ho nna ke ho latela medingwana ya bona ya bohata, ba tla otlelwa bokgopo boo ba bona.


“ ‘Baprista ba tla ruta setjhaba sa ka phapano pakeng tsa ntho e halalelang le e sa halaleleng, mme ba etse hore ba kgetholle e sa hlwekang ho e hlwekileng.


“ ‘Nyeweng e nngwe le e nngwe baprista e tla ba bona baahlodi, mme ba tla diha nyewe ho ya ka melao ya ka. Ba tla boloka melao ya ka le ditaelo tsa ka diphuthehong tsohle, ba halaletse Disabatha tsa ka.


Koduwa di tla fihlellana, tsa bo-fuufu le tsona di fihlellane. Batho ba tla rata eka baporofeta ba ka ba bolella dipono, empa baprista ha ba sa tla ba ruta molao; le dikeletso tse tswang ho ba baholo di tla ba siyo.


Ke ho re le tle le tsebe ho kgetholla tse halalelang ho tse sa halaleleng, le tse hlwekileng ho tse sa hlwekang;


Le kgetholle tse sa hlwekang ho tse hlwekileng, le diphoofolo tse phelang, tse ka jewang le tse ke keng tsa jewa.’ ”


Moprista o tla mo hlahloba, mme haeba hodima lefatla le hloohong kapa phatleng, ho ena le ditlapedi tse bofubedu bo bosweu, tse tshwanang le tsa lepera le bang teng mmeleng,


“ ‘Ka baka leo, le tla kgetholla phoofolo e hlwekileng ho e sa hlwekang, le nonyana e hlwekileng ho e sa hlwekang; le se ke la itshilafatsa ka phoofolo, kapa ka nonyana, kapa ka ntho efe kapa efe e hahabang hodima lefatshe, eo ke le kgetholletseng yona hore ha e a hlweka.


“Dipolelo tsa moprista di tshwanela hore e be tse nang le tsebo, e le hore batho ba tle ba ithute ka tsona, hobane moprista ke leqosa la Morena wa mabotho.


Empa lona le kgelohile tsela ena, la ba la kgelosa ba bangata ka thuto ya lona; selekane sa Balevi le se fetotse lefeela,” ho rialo Morena wa mabotho.


Lebitso la Modimo le nyefolwa hara ditjhaba ka baka la lona, jwalokaha ho ngotswe.


Eli o ne a se a tsofetse haholo. A utlwa tsohle tseo bara ba hae ba neng ba ye ba di etse ho Baiseraele bohle, le kamoo ba neng ba ye ba robale le basadi ba sebeletsang monyakong wa Tente ya Morena kateng.


Jwale ke ka baka lang ha o hlompholla sehlabelo sa ka, le nyehelo ya ka, eo ke laetseng hore e etswe ka leahong la ka; ebe o tlotla bara ba hao ho mpheta, hore o inontshe ka tse monatenate tsa dinyehelo tsohle tsa Baiseraele, e leng setjhaba sa ka?’


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ