Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 22:2 - BIBELE

2 “Wena ngwana motho, na motse oo o tla o ahlola? Na o tla ahlola motse oo wa babolai? O o supise manyala wohle a wona;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Wena mora motho, ana o tla ahlola, ana o tla ahlola motse wa madi? O tsebise manyala wohle a wona,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 22:2
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kantle ho sebe seo a entseng hore ba morabe wa Juda ba se etse, Manase o entse bobe mahlong a Morena, a tsholla madi a mangata a se nang molato, hoo a ileng a phalla kahohle motseng wa Jerusalema.


“Howeletsa haholo, o se ke wa kgaotsa; howa haholo jwalokaha ho letswa lenaka. Bolella setjhaba sa ka ditshito tsa sona, ntlo ya Jakobo o e bolelle dibe tsa yona.


“Ke otlile bara ba lona, empa thuso ha e yo; kgalemelo ya ka ba hanne ho e mamela; sabole tsa lona di jele baporofeta ba lona, tsa ba ja sa tau e harolakang.


Aparong tsa hao madi a fumanwe, madi a bafumanehi ba se nang molato, e seng madi a mashodu, dithuamatlo.


Le bolaile batho ba bangata motseng ona, mme le tlatsitse diterata tsa wona ka babolauwa.


“Na o tla ba ahlola, wena ngwana motho? Na o tla ba ahlola? Ba bolelle manyala ao bo-ntata bona ba a entseng,


ebe o re: ‘Morena Modimo o bua tjena: Wena motse o itlisetsang timelo ka ho tsholla madi, o itshilafatsang ka ho rapela medingwana ya bohata, nako ya hao e a tla.


“ ‘Ka baka leo, Morena Modimo o bua tjena: “ ‘Ho madimabe motse o tshollang madi, o kang pitsa e tletseng mafoome, pitsa e sa ke be e falwe! Tshola maqa a ka pitseng, o a tshole ka bonngwe, o a tshole o sa a laole ka lotho.


“ ‘Ka baka leo, Morena Modimo o bua tjena: “ ‘Ho madimabe motse o tshollang madi, ke tla o rwallela hlaba ya patsi!


Jwale Morena a re ho nna: “Bokgopo ba ntlo ya Iseraele le ba ntlo ya Juda bo boholo haholo. Naha e tletse dipolao, toka ha e yo motseng ona. Ba re: ‘Morena o furaletse naha ena; Morena ha a bone.’


Ke mahlapa, ke leshano, ke dipolao, ke boshodu, ke ho etsa bohlola! Melao yohleyohle ba a e tlola, madi a tsholoha a sa tswa tsholoha!


Ho madimabe motse o kganathetseng madi, o tletseng thetso, o tletseng le kgapo, motse o sa kgaotseng ho lobela!


hore madi wohle a ba lokileng a tsholotsweng lefatsheng a botswe ho lona ho qala ka madi a Abele ya lokileng, ho ya fihla ho a Sakariya, mora Barakiase, eo le neng le mmolaele pakeng tsa sehalalelo le aletare.


Setjhaba sohle sa arabela, sa re: “Madi a hae a botswe rona le bana ba rona!”


hore madi a baporofeta bohle a tsholotsweng haesale lefatshe le thewa, a tle a batlwe ho moloko ona,


Ke ofe wa baporofeta ya sa kang a hloriswa ke bo-ntata lona? Ba bolaile ba neng ba bolele pele ho tla ha Ya Lokileng, eo le lona le bileng baeki le babolai ba hae;


Ba entseng sebe o ba kgalemele mahlong a bohle, e le hore ba bang bohle ba tle ba tshabe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ