Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 22:10 - BIBELE

10 Ba bang ba robala le basadi ba bo-ntata bona, ba bang ba robala le basadi ba silafetseng ke lehatlelo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Ha hao, ho apolwa bofeela ba motswadi; ha hao, ho betwa mosadi ya ilang;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 22:10
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha Iseraele a ntse a ahile naheng eo, Rubene a ya robala le Bileha, mosadi wa ntatae wa lefielo, mme Iseraele a tseba taba eo. Jakobo o ne a ena le bara ba leshome le metso e mmedi kaofela.


O ka metsi a tsapolong, empa o ke ke wa ba feta ka boholo, hobane wa na wa kena kobong tsa mohatsa ka, wa hlompholla phate tsa ka ka ho hlwella ho tsona.


Rubene ke yena letsibolo la Iseraele. Empa ka lebaka la ho silafatsa diphate tsa ntatae, tokelo tsa hae tsa boholo di ile tsa newa bara ba Josefa, mora wa Iseraele; ka hona ha a yo lenaneng, ho latela tswalo ya hae.


a sa jele bakeng tsa borapedi, bakeng tse dithabeng, a eso rapele medingwana ya Iseraele; a eso silafatse mosadi wa monna e mong, kapa a robala le mosadi ya nang le lehatlelo;


“ ‘O se ke wa kena dikobong tsa mosadi ya sesila ka baka la ho ya dinakong tsa hae.


“ ‘Ho se be le ya mong wa lona ya tla kena dikobong tsa mosadi eo e leng seng le yena. Ke nna Morena.


“ ‘Haeba monna a tlontlolla ntatae ka ho kena dikobong tsa mosadi wa ntatae, monna eo le mosadi eo wa ntatae, ruri bobedi ba bona ba tla bolawa, mme ba tla be ba bolawa ka baka la molato wa bona.


“ ‘Haeba monna a kena dikobong tsa mosadi ya ileng dinakong tsa hae, mme a mmonela, bobedi ba bona ba tla kgaolwa setjhabeng sa habo bona, hobane monna eo o pepesitse lehatlelo la mosadi, le mosadi eo o pepesitse mohlodi wa lehatlelo la hae.


Ba fokolang ba ba hatakela dihlooho, ba hatakelle hlooho tsa bona leroleng, batlatlapuwa ba ba hlokele toka. Mora le ntatae ba kopanela seotswa, bitso la ka le halalelang ba le hlompholle jwalo.


Ha e le nnete, ho utlwahala hore bohlola bo teng hara lona. Ke bohlola ba mofuta o ke keng wa eba teng le hara bahedene, e leng ba motho ya kenelang mohatsa ntatae.


“ ‘Ho rohakehe ya robalang le mosadi wa ntatae, hobane o hlompholla diphate tsa ntatae!’ “Setjhaba sohle se re: ‘A ho be jwalo!’


“ ‘Ho rohakehe ya robalang le mohwehadi wa hae!’ “Setjhaba sohle se re: ‘A ho be jwalo!’


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ