Ezekiele 21:32 - BIBELE32 O tla tjheswa ke mollo, o bo timele, madi a hao a tshollelwe naheng ya heno; ha o ka ke wa hlola o sa hopolwa, hobane nna ke leng Morena, ke buile.’ ” အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)32 O tla ba dijo tsa mollo, madi a hao a phalle hara naha; ha o sa tla hopolwa ke motho; hobane ke nna Jehova ke boletseng. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Ka baka leo, ke a hlapanya,” ho rialo Morena wa mabotho, Morena Modimo wa Iseraele. “Moabe e tla ba jwaloka Sodoma, Amone yona e be jwaloka Gomora, naha e tletseng bobatsi le matjheko a letswai, naha e fetohileng nanaola ya mehla yohle. Masalla a tjhaba sa ka a tla e lobela, ba phonyohileng ba tjhaba sa ka ba e hape.