Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 21:17 - BIBELE

17 Le nna diatla tsa ka ke tla di opa, ebe kgalefo ya ka ya kokobela. Ke nna Morena ya buileng.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Le nna, ke tla opa ka diatla tsa ka, ke be ke kgodise kgalefo ya ka. Ke le Jehova, ke boletse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 21:17
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka baka lena, Morena, Morena mabotho, Ya Matla wa Iseraele o re: “Kgalefo ya ka ke tla e hlatsa, ke e hlatsetse hodima dira tsa ka, ke iphetetse ho ba ntwantshang.


Ruri hoba ke kgelohe ke ile ka ikwahlaya, yare hoba ke rutwe ka kebisa hlooho ke ho swaba. Ka hlajwa ke dihlong, pelo ya ka ya nyahama, ka inyatsetsa dibe tsa botjha ba ka.’


Se tsweleng kantle la tsamaya hara naha, le ditseleng le se ke la tsamaya teng, hobane sera se hlometse ka disabole, tshabo le yona e fumanwa kahohle.”


Bohale ba ka ho wena bo tla kokobela, le kgalefo ya ka e kgaotse, ke kgutse, ke se hlole ke o halefela hape.


“Porofeta, ngwana motho, o be o ope diatla, sabole e hlathe habedi, e hlathe hararo, sabole ya ho ba bolaya e ba etsa mofela, e ba etseditse sakana-la-nkope.


Wena sabole e bohale, hlatha ka ho le letona, o hlathe ka ho le letshehadi, hohle moo o shebileng teng o hlathe.


Lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re:


“ ‘Ruri ke tla o otlela phaello eo o e entseng, ke o otlele le madi ao o a tsholotseng.


Kahoo le tla hopola metsamao ya lona e mebe le diketso tsa lona tse kgopo, mme le inyonye ka baka la makgopo a lona le manyala a lona.


“Bohale ba ka bo tla fela, mme kgalefo eo ke neng ke ba halefetse ka yona e kokobele, hobane ke tla be ke ipheteditse. Ha ke phethahaditse kgalefo ya ka hodima bona, ba tla tseba hore ke nna Morena, ya buileng ka tjheseho.


Yaba lengeloi le a howeletsa, le re ho nna: “Bona, dipere tse lebang naheng e ka leboya di kokobeditse kgalefo ya Morena naheng eo.”


Balake a halefela Bileame haholo, mme a opa diatla tsa hae, a re ho Bileame: “Ke o bitseditse hore o tlo rohaka dira tsa ka, empa bona, o bile o di hlohonolofaditse ka makgetlo a mararo!


“Jwalokaha Morena a ne a thabele ho le atlehisa, le ho le ngatafatsa, ka mokgwa o jwalo Morena o tla thabela ho le timetsa, mme le tla tloswa lefatsheng leo le yang ho lona hore e be la lona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ