Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 21:10 - BIBELE

10 E leoditswe hore e tle e etse mofela, ya tshotswa hore e phatsime sa lehadima! “ ‘Na re lokela ho nyakalla, re thabe? Tjhaba sa ka se ile sa nyedisa, sa nyedisa dikotlo le dikeletso tsohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Le leoditswe ho akofisa polao, le bentshitswe hore le tle le hadime. Kapa a re tla thabela lere la mora ka, le nyedisang difate tsohle tse ding na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 21:10
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke tla ba ntatae, mme yena e be mora wa ka, empa haeba a ka etsa bokgopo, ke tla mo otla ka thupa e kgalemelang bana, le ka meupa eo batho ba e shapang bana ba bona.


Maqosa a matha ka potlako, a susumetswa ke taelo ya kgosi, mme taelo eo ya phatlalatswa Shushane, motseng wa bokgosi. Jwale kgosi le Hamane ba dula, ba enwa, empa motse wa Shushane wona o ne o ferekane.


nako ya ho lla le nako ya ho tsheha, nako ya maswabi le nako ya mohobelo;


Kgalefo ya Morena ha e ka ke ya kgaotsa, ho fihlela e phethahatswa ke yena, ho fihlela a phethile merero ya hae; sena le tla se utlwisisa mehleng ya ho qetela.


Qhanehang dipere le di palame! Theang theko le rwetse katiba tsa ntwa! Tshotsang marumo, le apare tsa ntwa!


Ere ho moru o ka borwa: ‘Mamela lentswe la Morena. Morena Modimo o bua tjena: Ke lekgatheng la ho hotetsa mollo o tla tjhesa difate tsa hao tsohle tse talana, le tse omeletseng. Lelakabe le laimang ha le ka ke la tingwa, le tla tjhesa bohle ho tloha borwa ho ya leboya.


“ ‘Sabole e ntshitswe, e ntsheditswe ho tshotswa, hore e tshwarwe, e tiye ka letsohong; e leoditswe ya ba ya tshotswa, hore e newe mmolai ka letsohong.


Erekaha ke tla bolaya ba lokileng le ba kgopo, sabole ya ka e tla tswa selateng sa yona, e bolaye batho bohle, ho tloha borwa ho isa leboya.


Ba tla tjheswa sa meutlwa e harahane, ba tjheswe sa dirite di omeletse, ba ntse ba itlopile veine ya bona.


Bapalami ba dipere ba a kgoroha, sabole di a tsekema, marumo a a phatsima! Ditopo ke mofela, di robellane feela, bongata ba tsona ha bo na palo, batho ba kgothometseha hodima tsona.


Letsatsi le kgwedi tsa ema themelele! ha metsu ya hao e bebang e tsekema, ha rumo la hao le benyang le phatsima.


o tla di busa ka lere la tshepe, a di pshatle jwaloka dinkgo tsa letsopa,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ