Ezekiele 20:8 - BIBELE8 “ ‘Empa ba ile ba mphetohela, ba se ke ba mmamela; motho ka mong a hana ho furalla manyala a hohelang mahlo a hae, leha e le hona ho furalla medingwana ya bohata ya Egepeta. Yaba ke re: Ke tla hlatsetsa kgalefo ya ka hodima bona, bohale ba ka bo felle hodima bona, hona naheng eo ya Egepeta. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)8 Ba mpa ba ikgantshetsa nna, ba hana ho nkutlwa; ha ho e mong ho bona ya kileng a lahla diila tse kapele ho mahlo a hae, leha e le ho furalla ditshwantsho tsa Egepeta, mme ka re, ke tla ba tshollela kgalefo ya ka, ke tle ke phethise bohale ba ka hodima bona naheng ya Egepeta. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
“ ‘Empa setjhaba sa Iseraele se ile sa mphetohela ha se le lehwatateng. Ha se a ka sa boloka ditaelo tsa ka, se ile sa nyedisa melao ya ka, eo ereng ha motho a e boloka a phele. Baiseraele ba ile ba silafatsa Disabatha tsa ka hampe. Yaba ke re: Ke tla hlatsetsa kgalefo ya ka hodima bona, ke ba timeletse hona moo lehwatateng.
“ ‘Empa le bana ba bona ba mphetohetse: Ha ba a ka ba tsamaya ka ditaelo tsa ka, ha ba a ka ba hlokomela ho mamela melao ya ka, eo ereng ha motho a e boloka a phele. Ba silafaditse le Disabatha tsa ka. Yaba ke re: Ke tla hlatsetsa kgalefo ya ka hodima bona, bohale ba ka bo felle hodima bona hona moo lehwatateng.