Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 20:47 - BIBELE

47 Ere ho moru o ka borwa: ‘Mamela lentswe la Morena. Morena Modimo o bua tjena: Ke lekgatheng la ho hotetsa mollo o tla tjhesa difate tsa hao tsohle tse talana, le tse omeletseng. Lelakabe le laimang ha le ka ke la tingwa, le tla tjhesa bohle ho tloha borwa ho ya leboya.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

47 o re ho moru wa borwa: Mamela lentswe la Jehova! Morena Jehova o re: Bona, ke se ke ya hotetsa mollo ha hao, o tla qeta difate tsohle tse tala le difate tsohle tse omileng; kgabo ya mollo ha e ka ke ya tima, mme ka yona, naha yohle, ho tloha borwa ho isa leboya, e tla tlabolwa;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 20:47
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba tla kenelwa ke tshabo, mahlaba le bohloko di tla ba menya; ba tla meneka sa mosadi a kena tlung, motho a shebane le wa habo ka ho makala, fahleho tsa bona di fubele, di fubele sa malakabe.


Kgale setjhesetso se lokiseditswe kgosi, se batsi, se bile se tebile; jwang le dihotetso di entse pokella, ho phefumoloha ha Morena ho kang nokana ya sebabole, ho tla se hotetsa se laime malakabe.


Ba tla tsamaya, ba yo bona ditopo, topo tsa ba ileng ba ntshitelwa; boko tse ba jang ha di ka ke tsa eshwa, mollo o ba tjhesang ha o ka ke wa tima, mme batho bohle ba tla ba nyonya.”


Empa haeba le sa mmamele, le sa halaletse letsatsi la Sabatha, le kena ka dikgoro tsa motse wa Jerusalema le nkile thoto ka letsatsi la Sabatha, dikgorong tseo tsa Jerusalema ke tla besa mollo o ke keng wa tingwa, o tla tjhesa matlo a dikgosi tsa Jerusalema.’ ”


Oho, lona ba ntlo ya Davida, Morena o bua tjena: “ ‘Ahlolelang batho ka toka hoseng ha letsatsi ka leng, namolelang motlatlapuwa matsohong a motlatlapi, esere kgalefo ya ka ya laima malakabe, ya tuka hoo ho seng ya ka ba e tima, ka baka la bokgopo ba diketso tsa lona.


Morena o re: Ke tla le otla ho ya ka diketso tsa lona, ke hotetse hlaha merung ya lona, ke e tjhese, tsohle tse le potapotileng di tla timela.’ ”


“ ‘Ka baka leo, wena seotswa towe! utlwa lentswe la Morena.


Fate tsohle tsa naha di tla tseba, di tsebe hore ke nna Morena. Fate tse telele ke a di diha, tsa dikakatjhelana tsona ke di hodise; tse talana ke di omeletse, tse omeletseng ebe di a tlokoma. “ ‘Nna Morena, ke buile, mme ke tla etsa jwalo.’ ”


Kutung ya sefate ho ile ha qhoma mollo, wa tjhesa makala, wa tjhesa le tholwana tsa sona; kahoo makala a nyantseng ha se na wona, ha se na le le ka etsang lere la puso.’ “Ena ke yona kodi-ya-malla, mme e tla nne e be kodi-ya-malla.”


E leoditswe hore e tle e etse mofela, ya tshotswa hore e phatsime sa lehadima! “ ‘Na re lokela ho nyakalla, re thabe? Tjhaba sa ka se ile sa nyedisa, sa nyedisa dikotlo le dikeletso tsohle.


O tla tjheswa ke mollo, o bo timele, madi a hao a tshollelwe naheng ya heno; ha o ka ke wa hlola o sa hopolwa, hobane nna ke leng Morena, ke buile.’ ”


tsena e be tsa nku e kgethehileng, e kgethehileng kahara mohlape. Beseletsa pitsa ena e bele, nama e be e tswe masapong.


“Ha e le moo ba etsa tsena sefateng se metsi, ho tla etsahalang ho se omeletseng?”


Kgalefo ya ka e tuka malakabe, e tlokoma ho ya fihla Nqalong ya Bafu, e timetsa lefatshe le tsa lona, e tjhesa le metheo ya dithaba.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ