Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 20:31 - BIBELE

31 Ha le etsa dinyehelo ka dimpho tsa lona, le etsa sehlabelo sa setjheso ka bara ba lona, le ntse le tswela pele ho itshilafatsa ka medingwana ya lona ya bohata ho fihlela kajeno-ya-bokajeno, na lona ba ntlo ya Iseraele ke tla le dumella ho mpotsa? Ke a hlapanya, ho rialo Morena Modimo, ha nka ke ka le dumella ho mpotsa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

31 mme le tlisa dinyehelo tsa lona, le tjhesa le bara ba lona, le ntse le itshilafatsa ka ditshwantsho tsa lona tsohle ho fihlela la kajeno, hleka nka dumela ho botswa ke lona, ntlo ya Iseraele, na? Ke a phela, ho rialo Morena Jehova, ha ke na ho botswa ke lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 20:31
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Na yena o tla thabela Ya Matla wohle, a ipiletse ho Modimo ka nako tsohle?


Letshepa la moetsadibe ke lefe, mohla Modimo a mo amohang bophelo?


Hoja ke ne ke dumella bobe pelong ya ka, Morena a ka be a sa nkutlwa,


Ya ithibang ditsebe hore a se utlwe molao, thapelo tsa hae le tsona ke manyala.


Ha le phahamisa matsoho ho ipiletsa ho nna, ke tla ipata sefahleho; leha le ka etsa dithapelo tse ngata, nke ke be ka le mamela, matsoho a lona a kganathetse madi.


Le sebeletsa medimo ya bohata ka ho etsa bohlola, le bo etsa le le tlasa difate tse talana, ka dikgohlong le ka mahaheng le etsa mahlabelo a setjheso ka bana ba lona.


Leha se ka itima dijo, nke ke ka mamela sello sa sona; leha se ka etsa dinyehelo tsa setjheso, le dinyehelo tsa dino, tsena nke ke ka di amohela. Empa ke tla se timetsa ka sabole, le ka sekoboto, le ka lefu la sewa.”


Ba hahetse Baale dibaka tsa borapedi, hore ba tjhesetse bara ba bona ho tsona, ba etsetse Baale nyehelo ya setjheso, e leng ntho eo ke sa kang ka ba laela yona, kapa ka e bua, kapa ka e nahana.


Ka Kgohlong ya Mora wa Hinome ba hahile aletare e bitswang Tofete, moo ba tjhesetsang bara ba bona le baradi ba bona teng ka mollo, e leng seo ke sa kang ka ba laela sona, le ho se nahana ke eso se nahane.


“ ‘Wa nka le bara le baradi ba hao, bao o ntswaletseng bona, wa etsetsa medingwana ena sehlabelo ka bona hore e ba je. Na o ila bona bootswa boo ba hao bo sa lekana,


Morena Modimo o bua tjena: Erekaha o hafakile ditjhelete tsa hao, wa pepesa bofeela ba hao, ha o ne o etsa bootswa le baratuwa ba hao, le medingwana ya hao e manyala, eo o e etseditseng sehlabelo ka bara ba hao;


Ka ba tlohela ba itshilafatsa ka dimpho tsa bona, ba etsa sehlabelo sa setjheso ka matsibolo a bona, e le hore ba tle ba tshabe, mme ba tsebe hore ke nna Morena.’


“Wena ngwana motho, bua le baholo ba Iseraele, o re ho bona: ‘Morena Modimo o bua tjena: Na le tlile ho mpotsa? Ke a le hlapanyetsa, ho rialo Morena Modimo, ha nka ke ka le dumella ho mpotsa.’


Ba entse bohlola, ba kganathetse madi matsohong. Ba entse bohlola le medingwana ya bona ya bohata; ba bile ba etseditse medingwana eo mahlabelo a setjheso ka bana bao ba ntswaletseng bona.


“Wena ngwana motho, setjhaba sa heno se buisana ka wena se le pela marako le menyakong ya matlo, se re: ‘Tloong le mamele molaetsa o tswang ho Morena.’


Batho ba tla lelera le mawatle wohle, ba phaqole ho tloha leboya ho ya botjhabela, ba ntse ba batla lentswe la Morena, empa ha ba ka ke ba le fumana.


“ ‘Jwalokaha ba sa ka ba mamela ha ke ne ke ba bitsa, le nna ha ke a ka ka ba mamela ha ba ipiletsa ho nna,’ ho rialo Morena wa mabotho.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ