Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 20:22 - BIBELE

22 Empa ka baka la ho boulela lebitso la ka hore le se ke la silafatswa mahlong a ditjhaba tse boneng ha ke ntsha Baiseraele naheng ya Egepeta, ha ke a ka ka ba isa letsoho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Ka mpa ka honyetsa letsoho la ka, ka etsa ka baka la lebitso la ka, hore ke se ke ka le hlompholla pela ditjhaba tseo ke neng ke ba ntshitse pela tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 20:22
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ako tlosetse tsoho la hao hole le nna, kgalefo ya hao e se ke ya ntshosa;


O se ke wa re nea tlotla, Morena, o se ke wa e nea rona, o mpe o e nee lebitso la hao, ka baka la mohau wa hao le botshepehi ba hao.


Ka baka la lebitso la hao Morena, ntshwarele molato wa ka, hobane o moholo.


Empa yena, ka ho ba utlwela bohloko, a ba tshwarela molato wa bona, a se ke a ba timetsa; ka makgetlo a kokobetsa kgalefo ya hae, bohale ba hae ba se ke ba tlokoma.


Ka baka la bitso la hao o se ke wa re nyonya, o se ke wa tlontlolla terone e tlotlehang ya hao. Hopola selekane seo o se entseng le rona, o se hopole, o se ke wa se fedisa.


Oho, Morena, leha re qoswa ke dibe tsa rona, ako re thuse ka baka la lebitso la hao. Re kgelohile haholo, re fela re o sitetswe!


Morena o sa entse qeto ya ho heletsa, ya ho heletsa marako a Moradi wa Sione; kgwele ya ho lekanya o se a e otlolotse, ha a a ka a honyetsa tsoho la hae ha le timetsa. A etsa hore metero le marako di lle, bobedi ba tsona a di heletsa.


Empa ka boulela lebitso la ka, hore le se ke la silafatswa mahlong a baditjhaba ba boneng ha ke ntsha Baiseraele naheng ya Egepeta.


“ ‘Leha ho le jwalo ke ile ka ba hauhela, ka se ke ka ba timetsa, kapa hona ho ba fedisa, ha ba le lehwatateng.


Empa ka boulela lebitso la ka, hore le se ke la silafatswa mahlong a ditjhaba tseo ba neng ba phela hara tsona, ka iponahatsa ho Baiseraele ka ho ba ntsha naheng ya Egepeta, moo ditjhaba tseo di ntseng di bona.


“Jwale, ka lebaka la hao, wena Modimo wa rona, ako mamele dithapelo le dithapedi tsa mohlanka wa hao, o hauhele Sehalalelo sena sa hao se senyehileng.


Oho, Morena, ako re mamele! Oho, Morena, ako re tshwarele! Oho, Morena, ako re utlwe, mme o phethe jwalo! Ka baka la hao feela, wena Modimo wa ka, o se ke wa dieha, hobane motse wa hao o bitswa ka lebitso la hao, le setjhaba sa hao se bitswa ka lebitso la hao.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ