21 “ ‘Empa le bana ba bona ba mphetohetse: Ha ba a ka ba tsamaya ka ditaelo tsa ka, ha ba a ka ba hlokomela ho mamela melao ya ka, eo ereng ha motho a e boloka a phele. Ba silafaditse le Disabatha tsa ka. Yaba ke re: Ke tla hlatsetsa kgalefo ya ka hodima bona, bohale ba ka bo felle hodima bona hona moo lehwatateng.
21 Empa le bona bana ba bona ba ikgantshetsa nna; ba hana ho tsamaya ka dikomelo tsa ka, le ho boloka melao ya ka ho e etsa, eo motho ya e etsang a ka phelang ke yona, ba silafatsa Disabatha tsa ka ka ba ka re, ke tla ba tshollela kgalefo ya ka, ke tle ke phethise bohale ba ka hodima bona nahathothe.
“Tsamayang, le yo mpotsetsa Morena, le botsetse le masalla a Iseraele, le a setjhaba sa Juda, mabapi le mantswe a tswang bukeng ena e fumanweng. Kgalefo eo Morena a re halefetseng ka yona e a tlokoma, hobane bo-ntata rona ha ba a ka ba mamela mantswe a Morena ka ho se phethe tsohle tse ngotsweng bukeng ena.”
Ba mphuraletse, mme ba tjheseditse medimo e meng mokubetso, ba nkgalefisa ka mesebetsi yohle ya bona. Ka baka leo, kgalefo ya ka e tla tlokomela sebaka sena, mme e ke ke ya tingwa.’
Ba ile ba fihla naheng ena, ba e hapa, empa ha ba a ka ba hlompha lentswe la hao, leha e le ho tsamaya ho ya ka molao wa hao. Ha ba a ka ba etsa letho la tsohle tseo o neng o ba laetse hore ba di etse; ka baka lena, o entse hore bobe bona bohle bo ba wele hodimo.
Morena o phethahaditse tsa kgalefo ya hae, bohale bo tlokomang ba hae o bo hlatsitse. O hoteditse mollo motseng wa Sione, wa tjhesa metheo ya motse wa Sione.
Kgalefo ya ka ke tla e phethahatsa hodima lerako lena, le hodima ba ileng ba le dila ka phepa, ebe ke re ho lona: Lerako le wele! Le ba le ditseng ka phepa ba timetse,
“ ‘Empa setjhaba sa Iseraele se ile sa mphetohela ha se le lehwatateng. Ha se a ka sa boloka ditaelo tsa ka, se ile sa nyedisa melao ya ka, eo ereng ha motho a e boloka a phele. Baiseraele ba ile ba silafatsa Disabatha tsa ka hampe. Yaba ke re: Ke tla hlatsetsa kgalefo ya ka hodima bona, ke ba timeletse hona moo lehwatateng.
“ ‘Empa ba ile ba mphetohela, ba se ke ba mmamela; motho ka mong a hana ho furalla manyala a hohelang mahlo a hae, leha e le hona ho furalla medingwana ya bohata ya Egepeta. Yaba ke re: Ke tla hlatsetsa kgalefo ya ka hodima bona, bohale ba ka bo felle hodima bona, hona naheng eo ya Egepeta.
Ke tla hlatsa kgalefo ya ka, ke e hlatsetse hodima hao, bohale ba ka bo tuke malakabe, ke neelane ka wena ho ba sehloho, bao e leng ditsebi tsa ho timetsa.
“Haufinyane ke tla hlatsetsa bohale ba ka hodima hao, ke phethahatse kgalefo ya ka ho wena. Ke tla o ahlola ho ya ka boitshwaro ba hao, ke o putse ho ya ka mesebetsi yohle ya hao e manyala.
“Kgosi ya Siria e tla iketsetsa borata, e iphahamise, e ithorise ka ho re e matla ho feta medimo yohle, mme e nyefole le Modimo wa medimo. E tla atleha ho be ho fihle nako ya kgalefo, hobane se laotsweng eka kgona se phethahale.
Setjhaba sa nyatsa Modimo le Moshe, sa re: “Ke hobaneng ha le re nyolotse Egepeta, hore re tlo shwela moo lehwatateng? Mona ha ho na dijo, ha ho na le metsi, re tenehile le ke dijo tsena tse mpe!”
Ke tseba kamoo le fetohang kateng, le kamoo le leng manganga kateng. Bonang, esita le kajeno, ke ntse ke phela le lona tjena, le nnile la fetohela Morena. Jwale le tla mo fetohela hakae, ha ke se ke shwele?
Jwale ka utlwa lentswe le phahameng, le tswang tempeleng le re ho mangeloi a supileng: “Tsamayang, le yo qhalla lefatsheng mafiswana a supileng, a tletseng kgalefo ya Modimo.”