Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 20:16 - BIBELE

16 Ke kahobane ba nyedisitse melao ya ka, ha ba a ka ba boloka ditaelo tsa ka, ba silafaditse Disabatha tsa ka, mme dipelo tsa bona di hapilwe ke medingwana ya bohata.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 hobane ba ne ba lahlile melao ya ka, ba sa ka ba tsamaya ka dikomelo tsa ka; hape, ba ne ba silafaditse Disabatha tsa ka, etswe pelo tsa bona di ne di latela ditshwantsho tsa bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 20:16
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa ha e le bana bao dipelo tsa bona di ineetseng medingwana ya bona e nyonyehang, e manyala, ke tla ba otlela mesebetsi ya bona, ho rialo Morena Modimo.”


Ba mphetohelang, ba mphurallang, ke tla ba tlosa hara lona. Le hoja ke tla ba ntsha naheng eo ba phelang ho yona, ba ke ke ba hlola ba kena naheng ya Iseraele. Kahoo le tla tseba hore ke nna Morena.


“ ‘Empa ba ile ba mphetohela, ba se ke ba mmamela; motho ka mong a hana ho furalla manyala a hohelang mahlo a hae, leha e le hona ho furalla medingwana ya bohata ya Egepeta. Yaba ke re: Ke tla hlatsetsa kgalefo ya ka hodima bona, bohale ba ka bo felle hodima bona, hona naheng eo ya Egepeta.


Ha a a ka a tlohela bootswa boo a bo qadileng Egepeta, ha banna ba ne ba robala le yena a sa le motjha, ba tsikinyetsa ditlhoko tsa matswele a hae, ba tshollela ditakatso tsa bona hodima hae.


Ha le bona ditjellane tsena le tla hopola melao yohle ya Morena, mme le e phethe. Le se ke la phetha ditakatso tsa dipelo tsa lona le tsa mahlo a lona, e leng tse etsang hore le se ke la tshepahala.


Baradi bana ba memela Baiseraele mahlabelong ao ba neng ba nyehella medimo eo ya bona ka wona. Setjhaba sa eja, sa kgumama kapele ho medimo eo ya bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ