Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 2:7 - BIBELE

7 O se bolelle mantswe a ka, ebang se a mamela kapa ha se mamele, hobane ke setjhaba sa bafetohedi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 O mpe o ba bolelle mantswe a ka, leha ba ka mamela, leha ho se jwalo, etswe e le bahanyetsi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 2:7
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena o ne a re ho Moshe: “Ke nna Morena! Bolella Faro, kgosi ya Egepeta, tsohle tseo ke tla di bua ho wena.”


“Ka baka leo, wena itlame letheka, o eme, o bue le tjhaba seo, o se bolelle tsohle tseo ke o laelang tsona. O se ke wa tshaba ha o se bona, esere ka o tshosa o le kapela sona.


Empa Morena a re ho nna: “Se ke wa re: ‘Ke sa le ngwana,’ hobane o tla ya ho bohle bao ke tla o roma ho bona, o ba bolelle tsohle tseo ke tla o laela tsona.


O re ho bona: ‘Utlwang lentswe la Morena, lona dikgosi tsa Juda, le lona bohle ba morabe wa Juda, le lona baahi bohle ba Jerusalema, lona ba kenang ka dikgoro tsena.


Moporofeta ya lorileng toro a ke a bolele toro eo, le ya tsebang lentswe la ka a ke a le bolele ka botshepehi. Mmoko ke eng, ha o bapiswa le koro?” ho rialo Morena.


“Morena o bua tjena: Ema lebaleng la Tempele ya Morena, o bue ho bohle ba metse ya Juda, ba tlang ho tla rapella ka Tempeleng ya Morena. Ba bolelle mantswe wohle ao ke o laelang hore o ba bolelle wona, mme o se ke wa siya lentswe leha le le leng feela.


Yaba moporofeta Jeremia o bua mantswe ana wohle ho Sedekiya, kgosi ya Juda, a le Jerusalema.


Ka baka leo, mahosana wohle a roma Jehudi, mora wa Netaniya, setloholo sa Shelemiya, setloholwana sa Kushi, ho Baruke, a re: “Nka buka eo o ileng wa e balla setjhaba, o tle le yona kwano.” Yaba Baruke, mora wa Neriya, o nka buka, o ya ho mahosana.


Ka letsatsi lena ke le boleletse tsona, empa ha le a mamela lentswe la Morena Modimo wa lona, leha e le ntho efe kapa efe eo a nthommeng ho le bolella yona.


Jwale Jeremia a re ho batho bohle, banna le basadi, le ho batho bohle ba neng ba ile ba mo araba:


Ke tjhaba sa bakwenehi, tjhaba se manganga, se tsamayang ka ho hafotsaka bohata; ke tjhaba se tshwanang le lethose le tshepe, kaofela ha sona ke tjhaba sa balotsana.


“Ka baka lena, o tla ba bolella dipolelo tsena tsohle, empa ha ba ka ke ba o mamela; ha o ba bitsa ha ba na ho arabela.


mme ka bolella bathopuwa tsohle tseo Morena a mpontshitseng tsona.


“Wena ngwana motho, o phela hara setjhaba sa bafetohedi, se nang le mahlo empa se sa bone, se nang le ditsebe empa se sa utlwe, hobane ke setjhaba sa bafetohedi.


Ebang se a o mamela kapa ha se o mamele, hobane ke setjhaba se mphetohetseng, feela se tla tseba hore moporofeta o bile teng hara sona.


“Ka baka lena, wena ngwana motho, bolella setjhaba sa Iseraele, o re ho sona: ‘Morena Modimo o bua tjena: Bo-ntata lona ba ile ba nnyefola, ba mphuralla.


Modimo a tswela pele, a re ho nna: “Wena ngwana motho, mamela ka hloko, mme mantswe wohle a ka a kene pelong ya hao.


“Wena ngwana motho, ke o entse molebedi wa ntlo ya Iseraele, ka baka leo, ha o utlwa lentswe le tswang molomong wa ka, o ba nee keletso ya ka.


Jwale Morena a re ho nna: “Wena ngwana motho, tsamaya, o ye ho bana ba Iseraele, o ba bolelle mantswe a ka.


“Jwale wena ngwana motho, ke o entse molebedi wa ntlo ya Iseraele; ka baka leo, ha o utlwa lentswe le tswang ho nna, o ba nee keletso ya ka.


Monna eo a re ho nna: “Wena ngwana motho, tadimisisa, o mamedisise, o ele hloko tsohle tseo ke tla o bontsha tsona, hobane o tlisitswe kwano hore ke tle ke o bontshe tsona. O tle o bolelle Baiseraele tsohle tseo o di bonang.”


“Mamelang, mme bopaki ba lona bo qose ntlo ya Jakobo,” ho rialo Morena, Morena Modimo wa mabotho.


“Tsamaya, o ye Ninife, motseng o moholo, o yo o phatlalletsa molaetsa oo ke o bolellang wona.”


le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona. Bonang, ke na le lona kamehla yohle ho isa bofelong ba lefatshe.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ