Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 2:2 - BIBELE

2 Ha lentswe le ntse le bua, Moya wa kena ka ho nna, wa mphahamisa, ka ema ka maoto, ka utlwa le bua ho nna.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 A re a sa bua le nna, moya wa kena ka ho nna, mme wa nkemisa ka maoto a ka, mme ka mamela ya buang le nna.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 2:2
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka dilemolemo wa ba mamella, wa iphapanya, wa ba kgalema ka baporofeta ba hao, ka baporofeta ba susumetswa ke Moya wa hao, empa tsebe tsa bona tsa se ke tsa sekeha, yaba o neelana ka bona ho baahi ba naha tseo.


Yaba Moya wa Morena o fihla ho nna, o mpolella hore ke re: “Morena o bua tjena: Sena ke sona seo le se buileng, lona ba ntlo ya Iseraele, hobane ke tseba mehopolo yohle ya dipelo tsa lona.


Bolella ba ntlo ena ya bafetohedi papiso ena, o re ho bona: ‘Morena Modimo o bua tjena: “ ‘Bea pitsa ifo, e bee ifo, o e tlhadihele.


Yaba Moya o nkukela hodimo, mme kamorao ho nna ka utlwa lentswe le phefa, le re: “Ho roriswe tlotla ya Morena leahong la hae!”


Jwale Moya wa mphahamisa, wa nkuka wa ya le nna, ka tsamaya ke utlwile bohloko, ke halefile, mme matla a tswang ho Morena a ntsukutla haholo.


Moya wa kena ka ho nna, wa nkemisa ka maoto, wa bua ho nna, wa re: “Tsamaya o yo ikwalla ka tlung ya hao.


Ke tla le nea Moya wa ka, ke etse hore le tsamaye ho ya ka ditaelo tsa ka, le boloke melao ya ka, le e phethe.


Ha a ntse a bua le nna ke ne ke akgehile, sefahleho sa ka se ntse se le fatshe, empa a ntshisinya, a nkemisa ka maoto.


Hoba ho fete matsatsi a mararo le halofo, moya o phedisang, o tswang ho Modimo, wa kena ditopong tsa bona, mme tsa ema. Ba neng ba di tadimile ba tshoha haholo.


Moya wa Morena wa qala ho mo susumetsa ha a le Mahaneha-Dane e pakeng tsa Sora le Eshetaole.


Samuele a nka lenaka la ole, mme a mo tlotsa bana babo ba ntse ba le teng. Ho tloha ka letsatsi leo, ho ya pele, Moya wa Morena wa theohela hodima Davida ka matla. Yaba Samuele o a tsamaya, o boela Rama.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ