Serakwe seo se ne se phatsima jwaloka mookodi hara maru ha pula e ena. Serakwe sena e ne e le se tshwantshang tlotla ya Morena. Yare ha ke se bona ka itihela fatshe ka sefahleho, mme ka utlwa lentswe la ya buang.
“Ka baka leo, wena ngwana motho, moo ba ntseng ba o shebile, motsheare le itse nte! tlama thoto ya hao, o ye bothopuweng; o tsamaye, o tlohe mona moo o leng hona teng, o ye sebakeng se seng. Le hoja e le setjhaba sa bafetohedi, mohlomong ba tla imamela.
“Wena ngwana motho, hanyetsa baporofeta bana ba Iseraele ba porofetang. Ere ho bana ba iporofetelang tse tswang mehopolong ya bona: ‘Mamelang lentswe la Morena!
“Wena ngwana motho, ha setjhaba sa naha se ntshitelwa haholo ka ho ntlhokela botshepehi, ke tla otlollela letsoho la ka hodima naha eo, ke fedise dijo tsa naha eo, ke e tlisetse sekoboto, ke bolaye baahi ba yona, le diphoofolo tsa yona.
“Wena ngwana motho, batho bana ba rapela medingwana ya bohata ka dipelong tsa bona. Ba beile sekgopi sa dibe tsa bona kapele ho difahleho tsa bona. Na nka dumela hore ba tlo mpotsa?
La re ho nna: “Wena ngwana motho, ke o roma ho bana ba Iseraele, e leng setjhaba sa bafetohedi, se ileng sa mphetohela; sona le bo-ntata sona haesale se mphetohela ho fihlela kajeno.
Ha e le wena ngwana motho, o se ke wa se tshaba, kapa wa tshoha dipolelo tsa sona. O se ke wa se tshaba leha o ka teelwa hare ke tshehlo le meutlwa, wa phela hara diphepheng. O se ke wa tshaba seo se se buang kapa sa o tshosa, le hoja e le setjhaba sa bafetohedi.
Empa wena ngwana motho, o mamele seo ke o bolellang sona. O se ke wa mphetohela jwaloka setjhaba seo se mphetohetseng. Ahlama, o je seo ke tla o nea sona.”
“Wena ngwana motho, bua le baholo ba Iseraele, o re ho bona: ‘Morena Modimo o bua tjena: Na le tlile ho mpotsa? Ke a le hlapanyetsa, ho rialo Morena Modimo, ha nka ke ka le dumella ho mpotsa.’
Monna eo a re ho nna: “Wena ngwana motho, tadimisisa, o mamedisise, o ele hloko tsohle tseo ke tla o bontsha tsona, hobane o tlisitswe kwano hore ke tle ke o bontshe tsona. O tle o bolelle Baiseraele tsohle tseo o di bonang.”
Yaba monna eo o re ho nna: “Wena ngwana motho, Morena Modimo o bua tjena: Tsena ke ditaelo tse amanang le aletare, mohla ba e hahang ho etsetsa dinyehelo tsa setjheso hodima yona, le ho fafatsa madi hodima yona.
“Wena ngwana motho, nka sabole e bohale, o e sebedise e le lehare, o ipeole hlooho le ditedu. O nke sekala, ebe o bea moriri wa hao hodima sona ka dihlopha tse tharo.
Motho eo a re ho nna: “Wena Daniele ya ratwang haholo, utlwisisa seo ke o bolellang sona. Ema ka maoto, hobane ke ronngwe ho wena.” Hoba a rialo ka ema ke ntse ke thothomela.
Motho eo a re ho nna: “Se tshabe, wena ya ratwang haholo. Kgotso e be le wena! Matlafala, e, matlafala!” Hoba a bue le nna ka matlafala, ka re: “Bua, monga ka, hobane jwale o mmatlafaditse.”
Yaba o atamela moo ke emeng teng. Ha a fihla ka tshoha haholo, ka itihela fatshe ka sefahleho. Empa yena a re ho nna: “Utlwisisa, wena ngwana motho, hore pono ena e supa mehla ya bofelo.”
“Modimo o ratile lefatshe hoo a le neileng Mora wa hae ya tswetsweng a inotshi, hore e mong le e mong ya dumelang ho yena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.
Empa tsoha, o eme, hobane ke iponahaditse ho wena, hore ke o kgethe ho ba mosebeletsi le paki ya tseo o di boneng ka nna, le tseo ke tla iponahatsa ho wena ka tsona.