Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 19:9 - BIBELE

9 Tsa e kenya ka mokibeng e le mahlaahlela, tsa e isa ho kgosi ya Babilona; tsa a hlahlela ka tjhankaneng ho puruma ha yona ho se ke ha utlwahala, ho se utlwahale thabeng tsa Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Tsa e hlahledisa serobeng sa ditshepe, di e qebile ka mautlana dinkong, tsa e isa ho morena wa Babilona; tsa e isa qhobosheaneng, hore lentswe la yona le se ke la hlola le utlwahala thabeng tsa Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 19:9
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke utlwile ho mpurumela ha hao, le lerata la hao, kahoo ke tla kenya kgwathatha, ke e kenye nkong ya hao, ke kenye le tomo ka hanong la hao, ke be ke o kgutlise le mehlala ya hao.


Empa Faro Neko a mo kenya tjhankaneng Ribela, naheng ya Hamate, e le hore a se ke a busa Jerusalema. A ntshisa naha eo lekgetho la silefera e boima ba dikilo tse dikete tse tharo le makgolo a mane, le kgauta e boima ba dikilo tse mashome a mararo a metso e mene.


A thopa le Jehoyakine, le mmae, le basadi ba kgosi, le bahlanka ba yona ba mahaole, le bahlabani ba naha eo, a ba tlosa Jerusalema, a ba isa bothopuweng Babilona.


Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a mo futuhela, a mo tlama ka mahlaahlela a lethose, a mo isa Babilona.


“Mahlo a hao le pelo di buswa ke meharo ya hao, di buswa ke ho tsholla madi a se na molato, di buswa ke kgatello le tlhokofatso ya batho.”


Qhobosheane tsa bona ya di heletsa, metse ya bona le yona ya e ripitla. Baahi bohle ba naha eo ba tshoha, ba tshoswa ke tawana ha e puruma.


Ha le matlafatse tse tsetang, tse kulang ha le di phekole, tse robehileng ha le di tlamise, tse kgelohileng ha le di phuthe, tsa malahleha ha le di batle, empa le di kganna ka thata, le a di hlekefetsa.


“Wena ngwana motho, porofetela dithaba tsa Iseraele, o re: ‘Lona dithaba tsa Iseraele, mamelang lentswe la Morena.


“Wena ngwana motho, tadima dithabeng tsa Iseraele, o di porofetele,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ