Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 18:6 - BIBELE

6 a sa jele bakeng tsa borapedi, bakeng tse dithabeng, a eso rapele medingwana ya Iseraele; a eso silafatse mosadi wa monna e mong, kapa a robala le mosadi ya nang le lehatlelo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 ha a sa je dithabeng, a sa lelaletse mahlo ditshwantshong tsa ntlo ya Iseraele, ha a sa silafatse mosadi wa wa habo, a sa atamele mosadi ya ilang,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 18:6
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Mahlo a ka a tadima dithabeng; ekaba thuso ya ka e tla tswa kae?


O se ke wa etsa selekane le baahi ba naha eo, esere ha ba rapela medimo ya bona ya bohata, mme ba e etsetsa mahlabelo, ba o mema, yaba o ja tse hlabetsweng medimo ya bona.


O jwalo ya kenang kobong tsa mosadi wa motho, ya amang mosadi, eo a ke ke a phema kahlolo!


“A sa jele bakeng tsa borapedi, bakeng tse dithabeng, a eso rapele medingwana ya Iseraele, a eso silafatse mosadi wa monna e mong;


“Empa ha motho a lokile, a etsa ho lokileng, ho nepahetseng;


hobane ha ba a ka ba phetha melao ya ka, ba nyedisitse ditaelo tsa ka, ba silafatsa Disabatha tsa ka, ba sebeletsa medingwana ya bo-ntata bona ya bohata.


Hoba ke ba fihlise naheng eo ke ikanneng hore ke tla ba nea yona, ba ile ba etsetsa mahlabelo a bona dibakeng tsohle tsa borapedi, le tlasa difate tsohle tse talana. Ba ile ba mphephetsa ka dinyehelo tsa bona hore ke ba halefele. Ba tjhesa mokubetso wa bona o monko o monate, ba etsa dinyehelo tsa bona tsa dino.


Yaba ke re ho ditloholo tseo: “Motho ka mong a furalle manyala a hohelang mahlo a hae, mme le se ke la itshilafatsa ka medingwana ya bohata ya Egepeta. Ke nna Morena Modimo wa lona.”


Ke hona le tla tseba hore ke nna Morena, ha ditopo tsa babolauwa ba bona di rapaletse hara medingwana ya bona ya bohata, ho potapota dialetare tsa bona tse hodima maralla wohle a phahameng, le hodima ditlhoro tsa dithaba tsohle, le katlasa difate tsohle tse talana, le katlasa difate tsohle tse teng tsa eike, e leng dibaka tseo ho tsona ba neng ba tjhesetsa mokubetso o nkgang hamonate, ba o tjhesetsa medingwana ya bona ya bohata.


“ ‘Haeba monna ofe kapa ofe a feba le mosadi wa monna e mong, bobedi ba batho bao ba febang ba tla bolawa.


“ ‘Haeba monna a kena dikobong tsa mosadi ya ileng dinakong tsa hae, mme a mmonela, bobedi ba bona ba tla kgaolwa setjhabeng sa habo bona, hobane monna eo o pepesitse lehatlelo la mosadi, le mosadi eo o pepesitse mohlodi wa lehatlelo la hae.


Baradi bana ba memela Baiseraele mahlabelong ao ba neng ba nyehella medimo eo ya bona ka wona. Setjhaba sa eja, sa kgumama kapele ho medimo eo ya bona.


Empa nna ke re ho lona: Mang kapa mang ya tadimang mosadi ka ho mo lakatsa o se a mo febile pelong ya hae.


Tjhe, ke bolela hore tseo ba di hlabelang medimo ya bohata ba di hlabela bademona, e seng Modimo. Ha ke lakatse ha le ka ikopanya le bademona.


Esita leha le ka lelaletsa mahlo a lona lehodimong, la bona letsatsi, le kgwedi, le dinaledi, e leng mabotho wohle a lehodimo, le se ke la kgeloswa, la kgumama kapele ho tsona, la di sebeletsa. Tsena ke tseo Morena Modimo wa lona, a di abetseng ditjhaba tsohle tse katlasa lehodimo lohle.


Bohle ba hlomphe lenyalo, mme dikano tsa lona di bolokwe ka botshepehi. Modimo o tla ahlola dihlola le difebe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ