Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 18:18 - BIBELE

18 Ha e le ntatae yena o tla shwa ka baka la bokgopo ba hae, hobane o hateletse ngwanabo, a mo tlatlapa ka mahahapa, a ba a etsa tse mpe hara setjhaba sa habo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Empa ntatae, kahobane a tubile ngwanabo hampe, a mo tlatlapile, a entse se se nang botle hara setjhaba sa habo, bonang, o tla shwa ka bokgopo ba hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 18:18
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha o bona mofutsana a hatellwa, a amohuwa toka le ditokelo tsa hae naheng ya heno, tseo di se ke tsa o makatsa, hobane mookamedi o na le ya mo okametseng, mme baokamedi le bona ba na le mookamedi e moholo.


Ho madimabe ba kgopo, hobane koduwa e tla ba wela hodimo, ba putswe ho ya ka mesebetsi ya bona.


ya hanang ho etsa bokgopo, ya sa adimaneng hore a fumane phaello, kapa hona ho inkela tswala e ngata; ya jwalo o mamela ditaelo tsa ka, le melao ya ka o a e boloka. “A ke ke a shwa ka baka la bokgopo ba ntatae; ruri o tla phela.


“Empa lona le a botsa, le re: ‘Ke hobaneng ha mora a sa jariswe bokgopo ba ntatae?’ Ha mora a entse ho lokileng, ho nepahetseng, a bolokile ditaelo tsa ka, a di phethile, ruri o tla phela.


Motho ya etsang sebe ke yena ya tla shwa. Mora a ke ke a jariswa bokgopo ba ntatae, le ntatae a ke ke a jariswa bokgopo ba mora wa hae. Ho loka ha ya lokileng e tla ba ha hae, bokgopo ba ya kgopo le bona e be ba hae.


“Empa ha motho ya lokileng a furalla ho loka ha hae, mme a etsa bokgopo, a etsa dintho tse manyala, tse etsweng ke motho ya kgopo, na motho eo o tla phela? Dintho tsohle tse lokileng tseo a di entseng ha di sa tla bolelwa. O tla shwa ka baka la ditshito tsa hae, tseo a sitilweng ka tsona, le ka baka la dibe tsa hae, tseo a di entseng.


Ha motho ya lokileng a furalla ho loka ha hae, mme a etsa bokgopo, o tla shwela ho bona; o tla shwa ka baka la bokgopo boo a bo entseng.


Bonang mona, motho e mong le e mong ke wa ka; ntata le yena mora, bobedi ba bona ke ba ka. Motho ya etsang sebe o tla shwa!


Ha ke re ho ya kgopo: ‘Ruri o tla shwa,’ mme wena o sa mo eletse, kapa wa mo kgalemella ditsela tsa hae tse kgopo, e le hore a pholose bophelo ba hae, motho eo ya kgopo o tla shwa ka baka la sebe sa hae, empa madi a hae ke tla a batla ho wena.


A re ho bona hape: “Ke a tsamaya; le tla mpatla, mme le tla shwela sebeng sa lona; moo ke yang teng, le ke ke la tla.”


Ke ka baka leo ke itseng ho lona: Le tla shwela dibeng tsa lona, hobane ha le sa dumele hore e ntse e le nna, le tla shwela dibeng tsa lona.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ